Vinkmag ad

Bakoetlisi ba 22 ba phethela koetliso ea CAF

Bakoetlisi ba bolo ea maoto ba 22 ba neng ba kenetse thupelo ea bokoetlisi ea boemo ba lengolo la boemo ba CAF-A License, la Mokhatlo o Tsamaisang Bolo ea Maoto Tikolohong ea Afrika(CAF), ba phethetse koetliso ea bona ka katleho e kholo kaha ba pasitse kaofela.

Ho ea ka phatlalatso e ntšitsoeng ke Mokhatlo oa Lesotho oa Bolo ea Maoto(LeFA), kahara bakoetlisi bana ba 22 ho kenyelelitse ba bang ba likhalala tsa mehleng tsa bolo ea maoto, ba kileng ba bapalla sehlopha sa naha sa Likuena ba kang Motlatsi Masela, Motlalepula Majoro, Matsoai Shokhoe le Tšepo Hlojeng. Koetlisong ena ho boetse ho kenyelelitsoe mokoetlisi oa sehlopha sa naha sa ba katlaase ho lilemo tse 17,  sa Bahlabani, Monghali  Motolo Makepe.

Phatlalatso e supa hore ho boetse ho bile teng, mokoetlisi oa mehleng oa Bantu le Likuena, James Madidilane ho hlaha naheng ea Afrika Boroa. Koetliso ena e qetetseng ho ba teng ka selemo sa 2016, e tlalehoa e fa bakoetlisi ba Lesotho le tikoloho ea Afrika ho koetlisa lihlopha tsa boemo ba mokhahlelo oa liki e kholo linaheng tsa habo tsona, le ho ba lumella ho tsoka sephali litlholisanong tsa CAF.

E se ele bakoetlisi ba naha ea Afrika Boroa ba ka bang bararo ho fihlela ha joale ba seng ba kenetse likoetliso tsa mofuta ona, naheng ea Lesotho tse atisang ho tšoareloa naheng ea Lesotho. Bona ba kenyeletsa Morena Ramoreboli ea seng a ikarabella sehlopheng sa Jwaneng Galaxy le Abram Nteo eo e leng motlatsi oa mokoetlisi sehlopheng sa Royal AM.

Ho fena mona, naha ea Lesotho ke e ‘ngoe ea linaha tse tharo tsa tikoloho ea Afrika ‘moho le Botswana le Mozambique tse seng li atlehile ho fihlela lipehelo tsa CAF, tsa hore bakoetlisi ba koetlisang lihlopha tse kholo tsa liki linaheng tsa habo bona, ba lokela hore ba be ba e-na le lengolo la CAF-A License.

Ho sa le joalo, LeFA e boetse e phatlalalitse hore moletsaphala oa Lesotho ea hloahloa, Souru Phatšoane o khethiloe ho ba e mong oa baletsaphala ba tlang ho fuoa thupelo ea matsatsi a mahlano, naheng ea Abidjan, Ivory Coast ka la 11 ho isa la 16 Mphalane 2023,  bakeng sa ho itokisetsa ho tla  tsamaisa litlholisano tsa Mohope oa AFCON tse tlang ho tšoaroa monongoaha. Phatšoane ke e mong oa baletsaphala ba ileng ba beha naha ea Lesotho ‘mapeng, ka ho bontša boiphihlelo le tsebo e khethehileng lipapaling tsa makhaola-khang tsa Mohope oa AFCON tse neng li tšoaretsoe naheng ea Cameroon ka 2021. Mohale enoa oa Lesotho a boela a etsa nalane hape lipapaling tsa Mohope oa Lefatše, tse bileng naheng ea Qatar ngoahola ka tsamaiso ea lipapali  e tsoileng matsoho.

Vinkmag ad

Read Previous

Basotho ba nka ‘muso ka lechoba

Read Next

Lithuso li ntse li qepha

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular