Vinkmag ad

Kick4Life e re e malala-a-laotsoe

Motsamaisi oa Sekolo sa Koetliso sa Bolo ea Maoto sa Kick4Life, Mofumahali Maleshoane Mokhethi,  eo sehlopha sa habo se sa tsoa fumana phahamiso ho tloha liking ea B Division ho ea   mokhahlelong o ka holimo oa liki ea A Division, o re nakong ena ea ho ngolisoa ha libapali, sehlopha sa habo le sona se ile sa itokisa ka matla a maholo,  bakeng sa ho itlhophela lipapali tsa liki tse tlilo thakhoha mafelong ana a beke le ho fumana libapali tse ncha tse tlang ho koala likheo tsa ba seng ba tsamaile ho ea linaheng tse fapakaneng.

Maleshoane o itse ba atlehile ho fumana  libapali tse ncha le hoja a ke ke a tseba ho li phatlalatsa hajoale hore na ke life kaha mosebetsi oa ngoliso ea tsona o e-s’o phetheloe le ho netefatsoa ke ‘FIFA Connect. A tiisa hore ba tla phatlalatsa manane ohle a libapali tsa khale, tse ncha le tse tsamaileng haufinyane. A hlalosa hore ba matlafalitse likarolong tsohle tsa sehlopha, tsa mola o kamorao, o bohareng le o kapele oa bahlaba-lintlha, tse bakiloeng ke libapali tse ileng linaheng tsa Afrika Boroa, Ireland, Canada le Amerika ho ea ntsetsa pele lithuto le talenta ea bona ea bolo ea maoto.

A re nakong ena ea phomolo e telele e etellang pele ho qala ha selemo se secha sa lipapali sa 2023/2024, Kick4Life e ‘nile ea bapala lipapali tse ngata haholo tsa boitokiso tseo ho tsona e ileng ea qothisana lehlokoa le lihlopha tse ling tsa liki e kholo tse kang Lija-batho le Matlama. A bontša hore hara lipapali tseo ba seng ba li bapetse, o ithutile hore talenta e ngata ho bana ba Basotho, empa e hloka tataiso e chatsi  hore e tle e ba tsoele molemo le bokamoso bo phethehileng. A re boitokiso bona bo boetse bo ba thusitse haholo, kaha ba tlilo qala lipapali tsa bona tsa liki ba le maemong a khothatsang haholo. Ho feta mona, a re ba imetsoe ke manane a libapali tse ratang ho bapalla sehlopha sa Kick4Life.

A supa hore thomo ea mantlha ea bona selemong sena, ha se ho hapa liki kapa ho khutlela mokhahlelong o kaholimo oa lihlopha tse kholo, empa ke ho eketsa manane a libapali tseo ba tla li romella linaheng tsa mose ho ea holisa le ho matlafatsa litalenta tsa bona lefapheng la thuto le papali ea bolo. “Ho hapa liki ho rona e tla be e le bonus!” Ho ea ka Maleshoane libapali tseo ba seng ba li romeletse linaheng tse ling li 13, ho tloha haesale ba qalile morero ona o moholo oa ho tlisa liphetoho bophelong ba  bana ba Basotho, ka ho ea ithuta le ho ntšetsa pele talenta ea bona ea bolo ea maoto linaheng tsa mose. Ho fihlela ha joale ke sebapali se le seng linaheng tsa Afrika Boroa, Canada le Irelend tse seng li romelletsoe linaheng tseo, ha Amerika teng e le libapali tse leshome.

Ho sa le joalo, sehlopha sa Kick4Life se tlilo simolla mokhahlelo oa sona oa pele oa lipapali tsa sona tsa liki ea A Division ka ho etela sehlopha sa Mzamane lebaleng la lipitso la Mokhotlong ka Moqebelo oa la 23 Loetse 2023. Ho feta mona papali ea bona ea bobeli ea liki e tla ba bapala le Galaxy lebaleng la Sekolo sa Temo, Maseru, ka la 7 Mphalane 2023.

Vinkmag ad

Read Previous

Khalala ea bolo e abeloa limpho

Read Next

Likolo tsa bana ba nang le bokooa li atolosoe

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular