Vinkmag ad

Likuena kola li ka mahlong

Sehlopha sa naha sa bolo ea maoto Likuena, se khutlile kola li le ka mahlong naheng ea Abidjan, Ivory Coast  kamor’a hore ‘The Elephant’ e se shashare ka thupa e bohloko ea 1-0, mokhahlelong oa bobeli oa litlholisano tsa Mohope oa AFCON tse neng li bapalloa Ivory Coast ka Moqebelo oa la 9 Loetse monongoaha.

Ivory Coast e rabella Lesotho tjena, e le ha le se ntse le hlolehile ho fetela mokhahlelong o hlahlamang oa litlholisano tsena hobanenaha ea Lesotho e le boemong ba ho qetela Mokhahlelong oa H, moo e neng e pannoe le linaha tse kang Zambia, Comoros le eona Ivory Coast. Lesotho le hlotsoe lipapaling tse ‘ne kaofela tseo le li bapetseng, ‘me la bapala ka ho lekana le eona Ivory Coast ka 0-0.

Le phethetse litlholisano tsena le le boemong ba ho  qetela Mokhahlelong oa H le bokelelitse  ntlha e le ‘ngoe(1point) ka khetsing.  Ha ho le joalo, Zambia ke eona e li hulang pele Mokhahlelong oa H, bobeling ke Ivory Coast kamora ho hlola naha ea Lesotho. Haele Likuena e se e hlotsoe ho tlisetsa Basotho tlholo, e se e tla itokisetsa Mohope ona hape isao.

Puisanong le ba bang ba barati le batšehetsi ba bolo ea maoto,ba ipilelitse ho Mokhatlo o Tsamaisang bolo Lesotho(LeFA) ho khetha bakoetlisi ba nakoana ba teng hajoale e leng Benghali Lesley Notši le Bob Mafoso ho ba bona bakoetlisi ba bacha ba Likuena. Ba re boipiletso bona ba bo etsa ba ipapisitse le boiphihlelo ba bona mosebetsing oo ba sa tsoa o etsa,  lipapaling tse tsoa feta tsa Mohope oa COSAFA, moo sehlopha sa Likuena se ileng sa fihla ho makhaola-khang a mohope ona kamora lilemo tse telele. Le hoja se ile sa  hloloa ke naha ea Zambia ka 1-0 papaling e neng e bapalloa lebaleng la King Zwelithini naheng ea Afrika Boroa ka la 16 Phupu 2023.

Ba phethela ka hore bakoetlisi bana ba nakoana, haeba ba sa fuoe mosebetsi ba lokela hore ba boele ba fuoe nako e teletsana ea ho lokisa sehlopha sa Likuena, bakeng sa litlholisano tse tlang tsa machaba le ho bopela sehlopha sa  naha bokamoso bo chabileng.

Athe lipapaling tse ling tse bapetsoeng tsa AFCON, Nigeria e neng e jele masoko e ile ea teteka ntle le qenehelo sehlopha sa Sao Tome And Principe ka 6-0, haele Gambia le Congo, Malawi le Guinea li bapetse ka seahlolo sa 2-2 sehlopha ka seng. Ka mokhoa o tšoanang Comoros le Zambia, Senegal le Rwanda le tsona li bapetse ka seahlolo sa 1-1. Naha ea DR Congo eona e atlehile ho hlola Sudan ka 2-0, ha Mozambique e ile ea tsoa ka lesoba la nale ha e ne e hlola Benin ka 3-2, papaling e neng e tlola litlhase.

Vinkmag ad

Read Previous

Likolo li keteka bochaba

Read Next

 Boemeli bo amohela pampiri

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular