Vinkmag ad

Likolo li keteka bochaba

Mokete oa bochaba oa likolo tsa Mathomo tsa Tikoloho ea Mazenod, o neng o tšoaretsoe mabaleng a Sekolo sa Mathomo sa Mazenod, ka la 8 Loetsoe monongoaha, o ile oa natefisoa ka tšoantšiso ea libuka tse peli tsa Sesotho le Senyesemane tse khethiloeng kahara libuka tseo barutoana ba li balang ka sekolong e leng Monna oa Thaba li Maqhoa le My Uncle Grey Bhonzo.

Moketeng ona likolo li ne li qothisana lehlokoa lipapaling tse kang mokhibo, ntlamo, mohobelo, litolobonya, lithoko, liletsoa, mokopu, selia-lia le liphotha. Lipapali tsena li tšoaroa tjena kamor’a hore li emisoe ho bapaloa ke Lekala la Thuto le Koetliso boemong ba litlholisano tsa litereke le tsa naha, ka lebaka la seoa sa COVID-19. Likolo tsohle li ile tsa ipabola ho latela boitlhophiso ba tsona lipapaling ka ho fapakana ha tsona.

Puisanong le ba Moeletsi oa Basotho, Mookameli oa Sekolo sa Mathomo sa Mazenod Monghali Sydwel Koenene o bontšitse hore bohlokoa bo boholo ba ho keteka bochaba ke ho ikhopotsa hore na Basotho ba ne ba bapala lipapali life ka nako ea boithabiso le hore na ba ne ba eja lijo life. “Bana haele mona ba tlile letsatsing lena leo re reng ke la bochaba, tebello ke hore babe ba apere moaparo oa Sesotho, ba bapala lipapali tsa Sesotho le hoja  lijo tsa Sesotho.” A rialo.

A re sepheo se seholo sa mokete ke ho thusa bana hore ba itsebe, kaha ha ba itseba ba se ba ka tseba ho ikemela le ha ba kopana le mehlobo e meng. E kholo ka ho fetisisa ke hore bana ba ikotla sefuba ka  bosotho ba bona ka lebaka la hobane ba tseba lipapali le lijo tsa Sesotho. A hlalosa hore selemong sena ha ho na litlholisano, empa likolo boemong ba tikoloho bo hlophile hore li etsoe e le karolo ea boithuto ba bana, e le hore ba ruoe tsebo ka bochaba ba bona le ho rata bosotho ba bona.

E mong oa litichere tse ikarabellang litabeng tsa bochaba, Mofumahali ‘Mampho Matšaba o itse lipapali tsena li tsosolosa bochaba ba Basotho, le ho thusa bana hore ba hole ba tseba Sesotho le bochaba ba bona hantle. A re lipapali tsena ha se taba ea boithuto feela, empa li boetse li thusa bana hore ba ke ba itlhabolle le ho thapolla ‘mele.

Ba bang ba barutoana ba  re lipapali tsena li ba butse mahlo haholo, kaha ba ithutile lijo tsa Sesotho tse kang lipabi le mocha-hlama. Ba re lipapaling teng ba ithutile lipina tsa mokopu, mokhibo le ntlamo. Ba  phethela ka hore li tlilo ba thusa hore ba hole ba tseba bochaba ba bona.

Vinkmag ad

Read Previous

Tona-Kholo e tla ba sebokeng

Read Next

Likuena kola li ka mahlong

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular