Vinkmag ad

IEC e nkela mekha le makhotla a lipolotiki  likhato tsa molao

Motsamaisi oa Likhetho Mpaiphele Maqutu, o re  AD e itlhomme pele ho tlaleha ka ts’ebeliso ea lichelete tsohle tseo e li abetsoeng, ha RFP e ipabotse boemong ba ho tlaleha chelete tse  thusitseng mokha nakong ea boiketo ba likhetho. Tsena li hlahelletse ‘mokeng oa bo-ralitaba oa  la 5 Loetse monongoaha.

A re mekha le makhotla a lipolotiki a sa ikobeleng molao le ho tlaleha ts’ebeliso ea lichelete tse fanoang ke IEC a tlo nkeloa likhato tsa molao le ho hlakoloa lenaneng la mekha le makhotla a lipolotiki  a ngolisitsoeng.  A re ba hloka mekha le makhotla a lipolotiki  a ikobelang molao eseng ba etse borata ka lichelete tsa sechaba.

A re ha chelete e sa tlalehoe ka nako e bakela bakhethi mathata ‘moho le komisi kaha chelete  eo e lula e le sekoloto libukeng tsa bona. A re ha ba na ho emisa ho hlakola mekha le makhotla a lipolotiki  ha ho lokeleha hore ba etse joalo haholo boemong boo batho ba sa ikobeleng molao le lipehelo tsa komisi.

A  re likhethong tsa la 7 Mphalane 2022, Mokha o kaholimo o filoe chelete e kaholimo ho 1.6 million e le ea boiketo sebakeng sa likhetho, empa kakaretso  ea chelete  e tsoang mokotleng oa ‘muso e bile 20 million  e abeloang mekha le makhotla a lipolotiki  nakong ea  boiketo,  empa ke  mekha le makhotla a  14 a fanang ka litlaleho tse hlakileng tsa ts’ebeliso ea lichelete.

A re ke mekha le makhotla a mahlano ao esaleng a sa  ikamahanye le tsamaiso ea lichelete, ba ngotse mangolo a ‘maloa empa ha ho likhato tseo a li etsang.  A re a fumana  3.3 million  ho latela boemo ba litulo paramenteng, ha e itlhommeng pele  e fumana 1.9 million selemo le selemo.

A re e lokela ho tlaleha ts’ebetso ea chelete eohle eo ba e fumanang ho hlaha kantle, kaha molao oa likhetho o tlama hore e sebelisoe. A re ke mokha o le mong o atlehileng ho tlaleha chelete eleng RFP.

Vinkmag ad

Read Previous

AD e ntse e ts’ehetsa puso

Read Next

Tona-Kholo e tla ba sebokeng

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular