Vinkmag ad

Ramalitsi o re sechaba se ikopanye

Molula-Setulo oa Komiti ea Mahokela, tikolohong ea Ha Mafefooane Monghali Sipho Ramalitsi o entse khoeheletso ho sechaba sa metse e ka thoko ho Ha Mafefooane, ho tšoarana ka matsoho le sepolesa sa Roma, mahokela le marena a sona, toantšong ea litlolo tsa molao tse bonahalang li ntse li e-ja setsi metseng ea habo bona, haholo-holo bosholu ba liphoofolo le ho fenya botlokotsebe kahare ho metse ea bona.

Puisanong le ba Moeletsi oa Basotho, Ramalitsi o re bona e le mahokela a tikoloho  e alositsoeng ke sepolesa sa Roma, ba khathatsehile haholo ho bona litlolo tsa molao tsa bosholu ba liphoofolo le ba ho senyetsa batho malapeng, bo ntse bo phahama letsatsi ka leng metseng e ka mathoko ho bona, empa ba sa nke mehlala e metle ho bona ea ho fokotsa litlolo tsa molao. “Hantle morero oa rona re le mahokela ke ho li ntša ka metso, li se hlole li eba teng ho hang.” A rialo.

Ho ea ka litlaleho tsa selemo le selemo tseo ba li tekelang sepolesa sa habo bona, tikoloho ea Ha Mafefooane e hlahella e le eona ea pele e ipabotseng litikolohong tse ling tsa Roma ka ho fokotsa sekhahla sa litlolo tsa molao le botlokotsebe. Ramalitsi o re o leboha bonngoe le tšebelisano ‘moho e mofuthu e teng kahare ho sepolesa, mahokela, morena le sechaba sa habo.  O re sechaba sa habo se rutehile haholo kaha se tseba hore menyenyetsi le ho fana ka bopaki ke tsona tse thusang hore ba belaelloang litlolong tsa molao ba hlaha kapel’a makhotla a molao, ho fumana likahlolo tse ba lokelang haeba ba fumanoa ba le molato litlolong tse itseng sa molao.

“Qholotso e kholo eo re e fumanang ke eona ea metse ena e haufinyane le rona  eo baahi ba eona ba ntseng ba e-s’o amohele taba ena ka tsela eo rona re e amohetseng ka eona.” A rialo a bile a eketsa ka hore taba e bohloko ke hore sechaba se phelang metseng ena e ka mathoko thepa le bophelo ba sona botlokotsing e kholo. A supa hore tharollo ea tsena tsohle ke ho sebetsa ‘moho le sepolesa, morena le sechaba ka ho fana ka menyenyetsi e le ho fenya litlolo tsa molao le botlokotsebe.

A tsoelapele ho bontša hore mamati a butsoe ho tla ba hlahlella ka malebela hore na ba ka hlola qholotso ena joang. A ipiletsa ho sechaba ho utloisisa bohlokoa le mosebetsi oa mahokela kahare ho metse ea bona. A re mosebetsi oa mantlha oa mahokela ke ho sebetsa ‘moho le sepolesa le sechaba ho thibela litlolo tsa molao pele li etsahala. A hlokomelisa mahokela ho felisa tloaelo e mona ea bona e mpe ea ho khakhatha babelaelloa ba litlolo tsa molao. “Empa ha ‘melaelloa a bonahala a hana ho tšoaroa re ka mo tlisa taolong e seng re mo khakhathe.” Ke Ramalitsi eo.

Vinkmag ad

Read Previous

LDF Ladies e bapala mokhekhetho

Read Next

Basali ba Makatholike b’a ikhutsa

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular