Vinkmag ad

Matlama e’a kiba-kiba

Sehlopha sa bolo ea maoto sa Matlama ‘Tse Putsoa’ ke bompoli ba bacha ba lihlopha tse ‘ne tsa liki e kholo tse tšehetsoang ke Kampani ea Alliance, litlholisanong tsa Mohope oa Alliance Challenge tse neng li bapalloa lebaleng la Setsoto, Maseru, ka la 2 ho isa la 3 Loetse monongoaha. Matlama e ikhapetse bokhotho-khotho ba chelete e kaalo ka M50,000.00, sejana le limentlele tsa khauta.

Mokoetlisi oa sehlopha sa Matlama, Halemakale Mahlaha o boleletse baphatlalatsi ba lipapali kamora lipapali tsena, hore papali ea bona le Linare e bile ea tse ling tse thata haholo kaha Linare e ne e bonahala e itlhophiselitse ho tla hlola litlholisano tsena. Empa leha ho le joalo, bahlankana ba Matlama ba bapetse ka boitelo le boiphihlelo bo boholo ho ikhapela papali ena.

A re o thabetse tsela eo bahlankana ba neng ba bapala ka boitelo ka teng. A re le ha ho bile le ba bang ba tsoileng likotsi nakong ea papali, ha ba hlahlojoa ke lingaka tsa sehlopha ho fumanehile hore ha se likotsi tse mpe haholo, ‘me e tla re ka Laboraro ha ba qala boikoetliso ba tla be ba le maemong a matle. A supa hore se mo thabisitseng le ho feta ke libapali tse ncha kahara sehlopha, tse bonahalang li tlilo tsosa morolo kahare ho sehlopha ho latela tsela eo ba bapalang ka makhathe ka teng. A thoholetsa le ho lebohela libapali tsohle tsa hae ka papali ea tsona e ntle.

Haele mokoetlisi oa Linare, Lesley Notši o qalile pele ka ho lebohela sehlopha sa Matlama ka ho hapa mohope ona. A boela a leboha Kampani ea Alliance ka ho hlophisa litlholisano tsena, kaha li fana ka monyetla ho bakoetlisi  ho lokisa lihlopha tsa bona bakeng sa ho itokisetsa lipapali tsa liki tse tlang ho qala ka Mphalane monongoaha. A re litlholisano tsena li ba fa setšoantšo sa lintho tseo bona e le bakoetlisi ba lokelang ho ea sebetsana le tsona, ho matlafatsa lihlopha tsa bona.

A bontša hore litlholisano tsena li mo thusitse hore a hlokomele hore o tlameha ho matlafatsa mola o kapele, e le hore ba tsebe ho hlaba lintlha. A re ba boetse hape ba etse hloko hore mola oo o kapele o lokela ho tšoara bolo le ho neheletsana ka makhethe. A phethela ka hore  o motlotlo haholo ka libapali tsa hae, ho latela tsela eo ba neng ba bapala ka boitelo ka teng. A leboha boteng ba batšehetsi ba sehlopha sa Linare, ‘me a ba tšepisa hore ba tlilo etsa sohle se matleng a bona ho ba thabisa hang ha lipapali tsa liki li qala.

Lihlopha tse ‘ne tse neng li koebana lipapaling tsena e bile Matlama eo e leng eona bompoli, Linare e ileng ea hlaha boemong ba bobeli ea fuoa limentlele tsa silifera, LCS e ileng ea eba maemong a boraro ea fuoa limentlele tsa bronze  le Lioli e bileng boemong ba bone, ‘me ea khutlela haae e sa fumana letho.

Vinkmag ad

Read Previous

Sepolesa se kolla ntsi hanong – Mokete

Read Next

Boitokiso bo ama liki

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular