Vinkmag ad

Boitokiso bo ama liki

Boitokiso ba sehlopha se seholo sa naha, Likuena ba ho tla bapala lipapali tsa sona tsa machaba tsa mehope e fapakaneng, bo amme ho qala ha selemo sa lipapali sa 2023/2024 tsa liki e kholo kahara naha, tse neng li lokela ho thakhoha mathoasong a khoeli ea Loetse monongoaha.

Selemo sa lipapali sa 2022/2023, se fihlile pheletsong ka khoeli ea Motšeanong 2023 moo sehlopha sa Bantu ‘A Matšo Matebele’  sa setereke sa Mafeteng seo hajoale se seng se ikhapetse Mohope oa Liki makhetlo a mararo. Joaloka ka mehla Bantu e ne e lokela ho ea emela naha ea Lesotho Mohopeng oa CAF Champions League, ka tšehetso ea Mokhatlo o Moholo o Tsamaisang Bolo Lesotho( LeFA), empa o ile oa phatlalatsa o e-na le mathata a lichelete ke ha Bantu e tla sitoa ho ea kenela litlholisano tsa CAF.

Ho ea ka Raliphatlalatso oa Komiti e Tsamaisang Lipapali tsa Leaque (PLMC),Bokang Phasumane ba se ba ile ba kopana le beng ba lihlopha ho ba tsebisa boemo bona le ho shebisana letsatsi leo lipapali tsa liki li tlang ho thakhoha ka lona. A re ha ho bonolo haholo hore lipapali tsa liki li ka qala ka nako eo li neng li tšoanela ho qala ka eona, kaha Likuena e tšoarahane le boikoetliso bo matla, ‘me boholo ba libapali tse bapallang sehlopha sa naha li bapala lihlopheng tse kholo.

A kopa ka hlompho le boikokobetso barati le batšehetsi ba bolo ea maoto le bakoetlisi ba lihlopha, bao hajoale ba leng seboko ke ho chechisoa ha lipapali tsa liki, ho ba pelo-nolo kaha tsohle li tla loka hang kamorao ho lipapali tsa machaba tsa sehlopha se seholo sa naha.

Papaling ea pele ea machaba Likuena e tlilo e lata letailane ho leba naheng ea Ivory Coast, moo e tlang ho bapala le The Elephants  leotong  la bobeli la Mohope oa AFCON, Mokhahlelong oa H mafelong ana a beke ka  la 9 Loetse 2023. Leotong la pele le neng le bapalloe Dobsonville, Afrika Boroa ka la 9 Phupjane ngoahola lihlopha ka bobeli li ne li pitikise mahe(0-0).

Ho feta mona, e boetse hape e tlilo bapala lipapali tsa eona tsa pele tsa ho phunyeletsa ho ea litlholisanong tsa Mohope oa Lefatše ka selemo sa 2026. Mona teng Likuena e tlilo bapala le Nigeria, Bafana Bafana, Zimbabwe le Rwanda. Ho sa le joalo, sehlopha sa naha sa Likuena hajoale se theohetse maemong a bo-147 lethathamong la FIFA , ha pejana ka khoeli ea August se ne se le boemong ba 105.

Vinkmag ad

Read Previous

Matlama e’a kiba-kiba

Read Next

Mokoko o ts’episa Basotho  lits’ebeletso tse ntlafetseng

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular