Vinkmag ad

Basali ba Makatholike b’a ikhutsa

Basali ba Makatholike ba Parish ea Maria Mofumahali oa Lefatše, Mazenod ba phethetse khoeli ea mosali oa Moafrika ka boikhutso bo ileng ba koaloa ka Sehlabelo se Halalelang sa ‘Missa, se neng se etelletsoe pele ke Ntate Emmanuel Mokhofu OMI a tlatsitsoe ke mong’a Parish Ntate Patrick Khoaele OMI, litšebeletsong tse neng li tšoaretsoe hona Parishing ka la 3 Loetse monongoaha.

Khothatsong ea hae e koalang boikhutso bona, Ntate Khali Patrick Khoaele OMI o itse joalokaha Moapostola Paulosi a se a boletse mangolong a halalelang hore bohle ba lokela ho inehela ho ba sehlabo se phelang, se halalelang le se khahlehang ho Morena Molimo, ‘me ke ona mosebetsi oa bona oa mantlha.  A re motho ka mong o tšoanela ho itela le ho inehela, empa le teng motho a ke ke a sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe o se nang litsietsi.

A tiisa hore mesebetsing ea rona e fapakaneng re kopana le litsietsi tsa mefuta, ‘me le har’a tsona motho o’a tiisetsa ha feela a tseba hore na o tšepile mang ea tla mo fihlisa moo a batlang ho ea teng, ‘me ha hona e mong haese Eena Morena oa rona Jesu Kriste ka sebele. A bontša hore tseleng e ‘ngoe le e ‘ngoe ea bophelo, bohle ba batlang ho sala Kriste morao topollo ea bona e lokela ho feta kahar’a mahloko. Ka hona ba lokela hore ba tiisetse hobane ba tšepile Kriste Mopholosi oa rona.

“Bohle ba imetsoeng mesebetsing eo ba e etsang, kopang matla le bohlale ho Kriste o tla le fa tsona hore na le lokela ho tsoa le ho kae. Ke ona molaetsa o moholo oa letsatsi la kajeno.” O boletse joalo a bile a phethela ka ho hopotsa sechaba sa Morena Molimo hore se lokela ho inehela ho Kriste, e le hore e tle e be sechaba se phelang se halalelang le se khethehileng ho Morena Molimo. A ba hlokomelisa hore haesale nako ea boithati ena, empa ba tšabe Molimo mesebetsing eohle ea bona e seng motho oa lefatše lena.

Ba bang basali ba Makatholike ba bileng teng boikhutsong bona, ba thoholelitse bohlophisi ba boikhutso bona, ka le reng bo ba nchafalitse moeeng le ‘meleng e le basali, ka holimo ho mona bo matlafalitse tumelo ea bona le ho ba le likamano tse mofuthu mesebetsing, likerekeng le ka malapeng. Ba re ba ikutloa ba le motlotlo haholo kaha ba khotse litholoana tse molemo tseo ka tsona ba tlang ho holisa, malapa, kereke le naha ea habo bona. Ba ipiletsa ho bohlophisi hore e se e ka lireterete tsa mofuta ona li ka tšoaroa khafetsa e le ho matlafatsa basali, kaha sena se tla thusa ho holisa le ho matlafatsa Kereke ea Morena Molimo.

Vinkmag ad

Read Previous

Ramalitsi o re sechaba se ikopanye

Read Next

Mokhethoa o khalema sechaba

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular