Vinkmag ad

LDF Ladies e bapala mokhekhetho

Bompoli ba bolo ea basali, LDF Ladies ba bapetse ka seahlolo sa 1-1 le Ntopwa papaling ea pele e bulang litlholisano tsa Mohope oa CAF Womens Champions Leagues, tse ntseng li bapalloa mabaleng a fapakaneng Durban, Afrika Boroa.

Papaling ena e neng e bapalloa lebaleng la Sugar Ray ka Laboraro la la 30 Phato 2023, ho bonahetse hona le phetoho le tlhopo bocha e kholo e bonahalang ena le bokamoso sehlopheng sa LDF Ladies. Mokoetlisi oa sehlopha, Lengana Nkhethoa o matlafalitse sehlopha sa hae ka tse ling tsa libapali tse mahlahahlaha tse kang sethibathibane ‘Mamakhabane Makibinyane le Thato Mapepesa ho hlaha ha sehlopheng sa Bantu Ladies. Libapali tsena le tse ling ba bonahala ba tšoere morethotho, hoja lehlohonolo le ile ba pota kamorao ba hloloa ho hapa papali ea bona ea pele.

Naha ea Malawi e hlile ea itlhoma pele ka ho hlaba ntlha metsetsong e mene pele lia khefutsong ka leoto la Vanessa Chikupira. Le ha ho le joalo, LDF Ladies ha ea ka ea lahla liphethela, e ile ea lekanya lintlha kamorao ho khefutso ka leoto la ‘Maseriti Mohlolo metsotsong ea ho qetela ea papali. Naha ea Malawi le eona e shebahala e kene litlholisanong tsena e hlile e itlhophile haholo papisong le lilemong tsa ho feta.

Kamor’a papali ena mokoetlisi oa Malawi, James Sangala o itse le hoja a sa khotsofalla sephetho sa papali ena sa 1-1, o thabisitsoe haholo ke tsela eo sehlopha sa hae se bapetseng ka teng. A re papaling ea bona e hlahlamang ba tlil’o bapala le Green Buffaloes ea Zambia, ‘me ba ithutile matla le mefokolo ea eona. Ka hona, ba na le tšepo e kholo ea hore ba tlilo hapa papali eo.

Ka lehlakoreng le leng, mokoetlisi oa LDF Ladies Lengana Nkhethoa eena o itse ba bile le menyetla e mengata haholo ea ho hapa papali eo, empa ba mpile ba hloloa ho e sebelisa ka nepo ho ikhapela papali. A re le hoja  a khotsofetse ke tsela eo sehlopha se bapalang ka teng, ho sa ntse ho setse hore a lokise mona le mane hore libapali li tsebe ho ba le boitšepo le ho hlaba lintlha. A leboha tšehetso e kholo eo ba ntseng ba e fumana ho barati ba bolo naheng ea habo bona ea Lesotho, ‘me a ba tšepisa hore ba tlil’o sebetsa ka thata ho thabisa Basotho. Ho sa le joalo, LDF Ladies e tla mathisana le Double Actions ea Botswana letsatsing la hosane, ha Ntopwa e tla botsana lipotso le bompoli ba sireletsang mohope ona e leng Green Buffaloes ea Zambia.

Vinkmag ad

Read Previous

Basotho ba seboko ka puso

Read Next

Ramalitsi o re sechaba se ikopanye

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular