Vinkmag ad

Bohanyetsi bo soaea ’muso mohlare

Baetapele ba mekha le makhotla a bohanyetsi ka paramenteng ba re ‘muso o lokela ho sebeletsa sechaba, o khaotse ho hulanyetsa Litsi tsa Ts’ireletso leroleng la lipolotiki. Ba boletse tsena ‘mokeng oa bo-ralitaba,oa la 30 Phato monongoaha.

H’a bala polelo Moetapele oa Bohanyetsi Paramenteng, Mathibeli Mokhothu, o re ketso ena e etsoang ke baokameli ba Litsi tsa Ts’ireletso ke hobane nako ea hore ba ee phomolong  e se e fihlile, ‘me se etsa hore bao ba reke mosebetsi ka ho tants’etsa bapolotiki. A re SADC ha e ne e khothalletsa naha ho kena ts’ebetsong  tlhopho-bocha ke hobane e ne e thusa naha ho tsoa maqakabetsing a boits’oaro ba Litsi tsa Ts’ireletso hore li se be le khahlamelo  ea lipolotiki .

O re ba bona pusong ena ho etsoa  mesebetsi  e nyenyefatsang   bapolotiki ka ho ba secha haholo e ileng ea etsetsoa baetapele  ba  BNP, ABC le BPP le ho  romela litho tsa NSS  ho ea hapa mehala ea Machesetsa Mofomobe le Moeketsi Shale. A re ba boetse ba  bona sekhakhatha sa litho tsa LDF tse hlometseng ka thata tse bonahalang mapatlelong a paramente hoo e kang ke  lepatlelong la  lintoa, li thibella tse etsoang ke  LDF  kantle ho paramente,  ho  sechoa batho ba kenang le ba tsoang paramenteng le ho  ts’oaroa ha nakoana ha moparamente  Makhalanyane, ka hoo  ba ts’oela liketso tsena ka mathe tseo morero oa tsona eleng ho ts’osa  maparamente.

A re ba eletsa ka pelo-tlhomohi   tabeng ena hore bohle ba amehang  ba e nyahlatse, kaha e kena-kenana le molao oa ts’ireletso ea litho tsa paramente, ka hona ba ipiletsa ho ‘muso ho  ikamahanya le democracy  ba se ke ba senyetsa Basotho khotso ka lebaka la mathata a RFP.

Polelong ena e neng e kopanetsoe ke  DC, BNP,  ABC, BAP, PFD, BCM, Mpulule Political Summit, SR le BPP e re  Lesotho  le busoa ka molao oa puso ea sechaba ka sechaba le ‘muso o khethoa ka paramenteng ‘me ke hona teng moo ba ka o lielang teng.  A re maparamente ha a tlameha ho itumella ho ts’osoa.

A re taba ena e ba khutlisetsa   ho etsa khiro ea sepolotiki, hape ‘muso o shebane  le ho loants’ana le bosholu, o phethele tlhopho-bocha, o alose litaemane tsa Lesotho hore li be molemong oa naha, ba loants’e tlhokahalo ea mesebetsi.

Moetapele oa BNP, Machesetsa Mofomobe  o re ke boikarabello ba ‘muso ho bona hore molao o sireletsang boiketlo ba maparamente  ha ba ea le ha ba khutla paramenteng o’a hlompheha. A  re b’a elelloa hore ho sebelisoa Litsi tsa Ts’ireletso ho thusa babusi ho tlola molao, ‘me seo ba se etsa ho sireletsa likonteraka tsa bona, hoo e reng leha ba beha litaba  tsa sechaba ka  paramenteng e le bohanyetsi li lahloa.

Moetapele oa BPP Tefo Mapesela, o re ha se lekhetlo la pele  liketsahalo tsena li etsahala  ba li bone ka 2015, ‘me bapolotiki  ba ileng ba sebelisa  mookameli oa sesole ba ntse ba tsamaea ka bolokolohi  eleng Selibe Mochoboroane le Mothetjoa Metsing  haele Molaoli oa mehleng oa Sesole Tlali Kamoli eena a le ka Setsing sa Tlhabollo ea Bats’oaruoa. A re  ho hloka ts’epo ho Tona-Kholo  ha se phoso hobane  Matekane ha se lenyeloi, o ts’oana le batho ba bang, ha ba kolote Matekane letho, kaha ba sebelisa Molao oa Motheo ho etsa mosebetsi  ofe kapa ofe paramenteng.

Ts’epo Lipholo BCM o  re taba ea hore ‘muso  o khathetse ke ho ba melomong ea SADC kapa machaba, ke ho roka Basotho mahloana naketsana, kaha ho se letho leo ba ntseng ba le etsa ba isa litaba tsa qabang ea RFP paramenteng.

Ho sa le joalo, mekha le makhotla a lipolotiki  a kopanetseng puso le RFP ‘moho le a ts’ehetsang puso, a bile le ‘moka oa bo-ralitaba moo ba supileng hore puso e ntse e tsitsitse le lipalo tsa bona li ntse li nepahetse. A re ba ikemiselitse ka matla  ho phethela tlhopho-bocha  ba mpa ba emisitsoe ke nyeoe ea maipiletso  khahlanong le tlhopho-bocha  e kentsoeng ke Kananelo  Boloetse  le e kentsoeng ke Moetapele oa ABC  Nkaku Kabi le Moetapele oa BPP Tefo Mapesela  e sitisang pulo ea paramente.

Mekha le makhotla a ts’ehetsang puso ke   LCD, HOPE, LPC le United for Change, ha a kopanetseng puso e le MEC, RFP le AD.

Vinkmag ad

Read Previous

Lets’eng e kenya letsoho toants’ong ea litlolo tsa molao

Read Next

Basotho ba seboko ka puso

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular