Vinkmag ad

Emisang ho fa sepolesa tjotjo-Insp. Mofoka

Motlatsi oa Raliphatlatso oa Sepolesa sa Lesotho, Insp. ‘Mareabetsoe Mofoka o ipilelitse ho sechaba sa Basotho ho emisa ho fa bahlanka le litho tsa sepolesa tjotjo, ha ba il’o batla litšebeletso kaha ketso eo ke tlolo ea molao. O buile tsena ‘mokeng oa baphatlalatsi ba litaba o bileng Ntlo-Kholo ea Sepolesa, Maseru, ka la 29 Phato monongoaha.

Mofoka o boleletse baphatlalatsi ‘mokeng oo hore ho fihlile tlhokomelong ea bookameli ba sepolesa hore sechaba sa Basotho se lla seboko sa phohomela ka bahlanka, ho kenyeletsa le tse ling tsa litho tsa sepolesa ka hore ba ba batla tjotjo. A re mapolesa a laeloa ho emisa hang-hang ho amohela tjotjo, ‘me ha ba lokela ho fana ka litšebeletso kapa ha motho a entse tlolo ea molao eba joale o tla mo fuparisa tjotjo e le ho mo qobisa ho ‘meha kapel’a Makhotla a Molao.

“Ea amohelang tjotjo le ea e fanang bobeli ba etsa tlolo ea molao. Sechaba se emise hore batlisa tlolo ea molao ka tlolo e ‘ngoe ea molao.” O boletse joalo a bile a eketsa ka hore sechaba se na le tloaelo e mpe ea hore hangata ba fana ka tjotjo, eba ha ba qeta ba tlilo ba tlalehela hore o ne a fane ka tjotjo hore a tsebe ho fumantšoa mosebetsi joale ha o fumana. “Taba ena ha e lokele ho etsahala kaha re phatlalatsa ka mehla hore Lesotho mona mesebetsi ha e rekisoe, motho h’a qeta ho reka mosebetsi oa tla o re o ne a rekile mosebetsi joale o se a sa o fuoa.”

A re lekhetlong lena ha motho a se a entse tlolo ea molao ea ho fana ka tjotjo o tla qosoa ‘moho le motho ea amohetseng tjotjo. Ka hona sechaba se kuptjoa ke hona ho emisa tloaelo ena kaha ke tlolo ea molao. Litabeng tse ling tseo ho utloahalang sechaba se lla ka tsona ke tiehiso ea phano ea lengolo la ‘Police Clearance’ leo ho thoeng le tsoa kamora likhoeli tse tšeletseng, Insp. Mofoka a hlakisa hore lengolo la mofuta o joalo le nka feela libeke tse peli ha ho thoe le liehile e seng likhoeli tse tšeletseng.

A ipiletsa ho sechaba hore moo e bang ba entse likopo tsa mangolo a mofuta ona eba ba bona a lieha, ba atamele metebo ea sepolesa moo ba entseng kopo e joalo ho fumana hore na ebe bothata ke bofe.

Vinkmag ad

Read Previous

PAC e simolla ts’ebetso

Read Next

LDF Ladies e koebana le Ntopwa

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular