Vinkmag ad

Chamisa o hana sephetho

Moetapele oa Mokha oa Citizens Coalition Party(CCP) naheng ea Zimbabwe, Monghali Nelson Chamisa o hanane le sephetho sa likhetho tse akaretsang tsa naha tse tsoa feta, moo mopresidente ea neng a ntse a busa naheng ea Zimbabwe Emmerson Mnangangwa a tlalehoang a hlotse likhetho tseo ka 52.6% ha Chamisa a fumane feela 44%.

Chamisa o tlalehetse sechaba sa Zimbabwe le balateli  ba hae hore ke eena mohloli likhethong tse tsoa feta, ha balebelli ba likhetho ho tsoa kantle ho naha eo, bona ba tlalehile hore likhetho li ne li se boemong ba puso ea sechaba ka sechaba. President Emmerson Mnangangwa(80) o tla kena pusong lekhetho la bobeli ka tatellano kamor’a  ho kena pusong lekhetlo la pele  ka la 24 Pulungoana 2017, a hlahlama mofu President Robert Mugabe.

Pelaelo ea mokha oa bohanyetsi ke hore litsi tse butseng morao ho nako, nakong ea likhetho ke sona sesosa sa hore e be o na le khoao likhethong tse tsoa feta.

Ho sa le joalo, ba bang ba baahi ba naha ea Zimbabwe ba re matšoenyeho a bona a letsatsi ka leng a tlhokahalo ea litšebeletso,  bolokolohi ba puo le tse ling tse ngata li tlil’o tsoelapele haele mona mokha o neng o busa pele ho likhetho oa ZANU-PF, tlasa boetapele ba Emmerson Mnangagwa o hlotse likhetho hape. Le hoja karolo e ‘ngoe ea sechaba sa Zimbabwe e ne e re e kholisehile hore Mnangagwa o tlil’o hloloa ke likhetho, haholo ba baahi ba Zimbabwe ba phelang metseng ea litoropo, moo Chamisa a neng a nkile setumo teng.

Baahi bana ba tlalehoa ba nyahame, ‘me ba re ho totobetse hore naha ea Zimbabwe e ke ke ea tsoa kahar’a bofuma le tlala tseo e khasang kahara tsona tlasa puso ea mokha oa ZANU-PF.

-CNN-

Vinkmag ad

Read Previous

Re motlotlo ka Baena ba Setefane-‘Mokela

Read Next

34.8% ea bana e tlokotsing ea bokakachelana

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular