Vinkmag ad

Litabe o phomotse

Sechaba sa tikoloho ea Mazenod se ile sa khobokana ka bongata litšebeletsong tsa ho phomotsa ka hlompho e kholo masalla a setopo sa e mong oa basebetsi ba Mazenod, ntate Thabo Samuel Litabe setšeng sa bafu sa Thabana-Tšooana, Mazenod ka la 26 Phato monongoaha.

Ea buileng e le mooki Mofumahali ‘Maqenehelo Taleng, o hlalositse hore mofu Samuel Litabe o kutse nako e telele a e-na le bothata ba serame sa masapo, empa h’a ntse a isoa lingakeng  ho fumanehile hore o boetse o na le lefu la T.B, e leng lona le qeteletseng le nkile bophelo ba hae.

Monghali Lebona Motšeare lebitsong la Mookameli oa Kampani ea Mazenod eena o ile a re lefu la ntate Litabe ke tahlehelo e kholo ho kampani ea Mazenod le basebetsi ‘moho kaha e ne e le motho ea nang le boiphihlelo mosebetsing, a bile a o rata haholo. “Mong’a rona moo a teng, haele mona ntate Litabe a tsamaile tjena ke ea kholoa o ntse a ipotsa hore na o tla fumana Litabe e mong hokae. Ka ‘nete re ke ke ra tšoana le ntate Litabe feela re tla hata moo a hatileng.” A rialo.

A boela a tšelisa bohle ba anngoeng ke tsenene ena ea lefu, empa ka ho khetholoha a tšelisa lelapa, bana le molekane oa mofu ka tehlehelo ena. A ipiletsa ho bana ba mofu ho tšehetsa ‘m’e oa bona ka linako tsohle kaha ntate Litabe a ahile lelapa molemong oa bona.

Haele Morena oa Ha Sekepe, Mofumahali ‘Maatang Letsoela eena h’a lahlela oa hae molangoana o boletse hore ho lahleheloa ke batho ba lokileng joaloka ntate Litabe, ho ba otlile maling a mpa habohloko. A re ntate Litabe e ne e le motho eo batho bohle ba neng ba khahloa ke semelo sa hae, ‘me bohle ba lahlehetsoe haholo. Ke hona tšebeletsong ena moo Mofumahali Letsoela a ileng a ipiletsa ho sechaba ho ea khetha monna kapa mosali ea nang le makhabane, likhethong tsena tse tlang tsa puso ea libaka, ‘me “e se ke ea eba feela motho enoa o tlilo re fa mosebetsi kaha ho etsa joalo ka ‘nete lea re thatafaletsa.” A qetella ka ho tšelisa lelapa le molekane oa mofu ka hore le hara bolutu le liqholotso tseo a tlilo kopana le tsona a itšepele Morena Molimo ka mehla, e le hore a tle a tsebe ho mo fa tšireletso ea hae ka bosafeleng.

Morena oa Ha Sekepe Mofumahali ‘Maatang Letsoela.

Motsoalle oa mofu, Monghali Thabang Tjabaka eena o ile a re o qalile  ho tseba mofu Litabe ka selemo sa 1987, ha qala ho sebetsa le eena. A qabola sechaba se bileng teng phupung moo ka hore  o ile a nyalisa ntate Litabe, ka ingolla lengolo le neng le ilo kopa ngoetsi joalokaha e ka le tsoa ho batsoali ba hae. “Leha ho le joalo, e bile lelapa le letle hoba ke mona ba arohanngoa le molekane oa hae ke lefu.” A rialo.  A phethela ka ho tšelisa molekane oa mofu ka hore a tie tumelong le ho tšepa Morena Jesu Kriste e seng batho ba lefatše lena.

Mofu Samuel Litabe ke mora e moholo oa mofu ntate Kone Litabe le ‘m’e ‘Mathabo Litabe. O hlahile ka la 13 Tlhakubele 1961, ‘me lefu le mo khaoletsa a ntse a sebetsa Kampaning ea Mazenod. O siea molekane, barali ba bararo le litloholo tse peli. Moea oa hae le meea ea balumeli bohle ba faletseng o ke o phomole ka khotso ka mohau oa Molimo.

Vinkmag ad

Read Previous

FARMERS PITSO E TSOSOLOSA LIHOAI  

Read Next

Re motlotlo ka Baena ba Setefane-‘Mokela

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular