Vinkmag ad

FARMERS PITSO E TSOSOLOSA LIHOAI  

E le morero oa ntlafatso le kholo ea lihoai kahara naha, Mokhatlo oa Farmers Pitso, o tla tlotla lihoai tse ipabolang ka ts’ebetso le ho hlahisa kahara sechaba boqapi bo bocha kahara temo.  Tsena li boletsoe ke e mong oa bathehi ba Farmers Pitso, Tlaba Mochebelele, ka la 25 Phato monongoaha.

O re temo ke eona  mokokotlo oa tlhahiso ea mesebetsi ka hona e lokela ho phamoleloa holimo ke batho bohle ho sa  tsotellehe hore na motho o hlahisa lijo tsa  boleng bo bokae. A re ba rata ho kenya moea oa tlhahiso ea lijo  lipelong tsa Basotho hore ba sebelise mefuta eohle ea mobu eo ba nang le eona moo ba phelang teng hobane e tla ba karolo ea tlhahiso ea lijo, ho leleka tlala le  bofuma.

A bonts’a hore ha naha ea Lesotho e na le  bokhoni  ba ho hlahisa lijo tse ka atlehang hore Basotho ba iphepe le ho fepa  linaha tse ling, empa ntho e  haellang ke khokahanyo ea lihoai hore na ba fumana lisebelisoa hokae kahara naha hobane ha ba tsebane. A re mokhatlo oa habo o tlile ka leano la tseba sehoai sa heno e le morero oa ho ts’ehetsano le ntlafatso ea tlhahiso e ka fumanehang haufi le moo ebang sehoai se hloka thuso.

Mochebelele o  itse ka la 9 Loetse ba  tla tlotla lihoai mosebetsing o thata oo ba o etsang, ‘me ba tla ba monyetleng oa ho hokahana le bo-ramebaraka le litsebi, ‘me o se o tla ts’oaroa selemo le selemo. A re ba rata hore lihoai li kene temong li hlabolohile, li tlotliloe ka mosebetsi oo ba o etsang hore ba tlale morolo. O re o rata ho bona lihoai tsa liphoofolo li e-na le khahlametso   hore tlhahiso ea tsona e tsebe ho hola hobane ke karolo e kholo ea moruo.

A re naha e lokela ho ntlafatsa melao hore ho lumelloe  ho kena ha lipoli tsa nama le lebese kaha ho fihlela hona joale ho ntse ho ts’elisoa lipoli tsa boea. O re baetapele ba naha ena ba lokela ho ntlafatsa melao eohle  e amanang le temo hore e lumelle Basotho ho hoebisana le linaha tse ling ka matla.

Ho sa le joalo, Letona la  Temo le Kanetso ea Lijo,  Thabo Mofosi o itse   lihoai li bonahala li ts’oere ka thata ntlafatsong ea temo ‘moho le ‘muso, ‘me seo ba se hlokang ke ho bona naha e iphepa le ho fepa linaha tse ling. A re taba ea phetoho ea leholimo ke qholotso empa ha e lokele ho sitisa lihoai ho sebetsa. A re ho bohlokoa hore Basotho ba lule ba mamela likeletso tse etsoang ke litsebi ho ba thusa ho tataea hantle temong  ho qoba tahlehelo tlhahisong ea lijo.

Vinkmag ad

Read Previous

IEC e hlakola Mokha

Read Next

Litabe o phomotse

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular