Vinkmag ad

Baahi ba seboko

Sello se bohloko sa ba bang ba baahi ba motse oa Ha Lekhobanyane No.2, moo e mong oa bahoebi a ntseng a rafa koari kahara motse oa bona, se makalitse le ho tšosa  morena oa sebaka, Mofumahali ‘Malebohang Lekhobanyane  ea bonahetseng a sa tsebe letho ka litaba tseo, ka hona o tlil’o mema phutheho ea tšohanyetso le bao a tšoarisaneng puso le bona ho ka utloa hantle sello sena.

Mathata ao batho ba motse ona oo mohoebi a ntseng a rafa koari ho ona, ke hore o se a fatile sekoti se entseng lelumela le tebileng hoo batho le liphoofolo ba ka ‘nang ba hlaha kotsi ha ba ka oela ka ho lona empa kaholimo ho tsohle sebaka ha sea sireletsoa ka letho molemong oa paballeho ea bophelo ba batho ‘moho le liphoofolo. 

Ho feta mona, ba bang ba re morafi o se a bile a kenelletse kahare ho setša sa bona sa mokhatlo ho se litherisano tsa letho kaha litumellano tsa tšebetso li ne li mo supisa hore na o lokela ho rafa ho fella hokae.

Puisanong le Moeletsi oa Basotho e mong oa baahi, Monghali Seeiso Tsabeng o boletse hore morafi oa pele ea ileng a qala ho rafa koari sebakeng seo, h’a ka ba a teba haholo joaloka enoa e mocha, ‘me e itse hoba a qete ho rafa o ile a leka ho kata sekoti seo, empa enoa ea teng o bakile kotsi e kholo haholo.

O re o se a bile a kene kahara sebaka seo e leng sa mokhatlo oa bona oa baikopanyi o bitsoang Falimehang Multipurpose, ka hona o re morafi eo a emise hang hang pele kotsi e ka ba teng, kaha tšabo e kholo ke hore na lelumela leo o tla le kata joang ha le se le tebile ha kaalo. Le hore na h’a ka  tšamaea ho tlil’o etsahala joang ka lelumela lena le ka ‘nang la baka likotsi?

Molula-Setulo oa Mokhatlo, Mofumahali ‘Mathuso Makhetha o re tumellano e bile teng ea hore morafi a ka rafa kahare ho set’sa sa bona kaha a ne a tlil’o etsa lintlafatso ka ho kata litsela tse kenellang kahara metse ea Ha Lekhobanyane. A supa hore haele mona boemo e se le bona bo ka ‘nang ba baka kotsi ke hona a tla lula fatše le litho tsa habo tsa mokhatlo, ho shebisana hore na ba nka likhato life.

Vinkmag ad

Read Previous

Litho li behelloa ka thoko

Read Next

Matlama e phatlalatsa libapali

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular