Vinkmag ad

Litho li behelloa ka thoko

Litho tse peli tsa sepolesa e leng P/C Sempe Theko le P/C Poloko Lehoko, ba ileng ba hlahella pejana bekeng e fetileng, ba qosoa ka bosholu ba lithunya tse peli tsa sepolesa ba e hlabisitsoe ka monkhoane. Tsena li hlahelletse ‘mokeng oa beke le beke oa baphatlalatsi ba litaba o bileng Ntlo-Kholo ea Sepolesa, Maseru bekeng ena. Ke hona ‘mokeng ona moo sepolesa se ileng sa latola mafosisa a ntseng a hlaha marang-rang a hore ho na le maparamente a tšoeroeng.

H’a tlalehela baphatlalatsi ba litaba ‘mokeng ona, COMPOL Holomo Molibeli o boletse hore mapolesa a mabeli a qosoang ka bosholu ba lithunya tse peli Motebong oa Sepolesa oa Ha Mabote ba lelekiloe mosebetsing kamor’a hore bona e le bookameli ba sepolesa, ba latele methati eohle ea molao ea ho ba behella ka thoko ho mosebetsi, kaha ba se ntse seriti le tlhompheho ea sepolesa. A re nyeoe ea litho tseo tse peli e ntse e tsoelapele, ‘me bobeli boo e se e le banna feela ba Basotho.

Litabeng tse ling, COMPOL Molibeli o hlakotse mafosisa a ntseng a hlaha marang-rang a hore ho na le litho tse ling tsa paramente tse litlamong tsa sepolesa. A supa hore seo e leng ‘nete ke hore hajoale ke banna ba babeli ba tšoeroeng ke sepolesa, ka pelaello ea ho hlekefetsa lepolesa la mosali le neng le laola sephethe-phethe lirobotong tse Mookoli, Maseru mafelong a beke e tsoa feta.

A hlalosa hore lepolesa lena la mosali le ile la emisa koloi ea banna bao, ‘me e mong oa bona ea belaelloang e le lepolesa le phomolong o ile a tsoa ka koloing, a suthumeletsa lepolesa la mosali ka thoko ho tsela hore koloi ea bona e tsebe ho feta. A re lebaka le neng le hlalosoa ke banna bana ke hore ba sirelelitse Setho sa Paramente Mohlomphehi Mokhothu Makhalanyane. A re bobeli bona e leng lepolesa le moqhobi oa koloi ba hlahile khotla.

Ho sa le joalo, COMPOL Molibeli o phatlalalitse hore Supt. Halahala ke eena ea tšoereng molepo e le Phala ea Sepolesa sa Lesotho nakong ena eo Raliphatlalatso oa Sepolesa Supt. Mpiti Mopeli a ntseng a le naheng ea Rwanda.

Vinkmag ad

Read Previous

Nyollelo ea Maria Movirigo Leholimo

Read Next

Baahi ba seboko

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular