Vinkmag ad

Nyollelo ea Maria Movirigo Leholimo

Kereke e Katholike lefatše ka bophara, kajeno e ketekile  Mokete o Moholo oa Nyollelo ea Maria Movirigo leholimong ka ‘mele le ka moea. Mokete ona o ne o phatlalatsoe ke Mopapa Pius XII ka la 1 Pulungoana 1950.

Puisanong le Moeletsi oa Basotho, Ntate Khali Patrick Khoaele OMI h’a lokolisa nalane ea Maria Movirigo o boletse hore Maria Movirigo ke morali oa ntate Joachim le ‘m’e Anna bao bobeli e leng bahalaleli. A re Maria Movirigo o ile a sireletsoa khahlanong le sebe sa tlhao, ka ho tsoaloa a se na sekoli.  “Molimo o ne a se a ntse a rerile hore enoa ke eena ea tla mosebelisa ho ba ‘M’a mora oa hae, e leng Morena oa rona Jesu Kriste ea tla tla lefatšeng ka sebopheo sa motho, ka matla a Moea o Halalelang mooLenyeloi Gabriel le ileng la itlhahisa ho Maria ho mo bolella hore o khethiloe ke Molimo ho ba ‘M’a mora oa hae.” A rialo.

A tsoelapele ho hlalosa hore le leng la mabaka a etsang hore ebe Kereke e keteka mokete oa mofuta ona ke hobane Maria Movirigo o ile a amohela thomo le hoja a ne a sa e utloisise hantle. “Ha ho etsoe ho ‘na joalokaha ho boletsoe, ka mantsoe a mang o ne a re leha ke sa utloisise feela Molimo a etse ntho eo a e ratang ka ‘na.”

A re Maria Movirigo o ne a lokela hore a felle leholimong a sa thetsoa ke lintho tsa lefatše lena tse senyehang. Ka holimo ho tsohle, o ne a tšoanela ho fumana khalalelo e fumanoeng ke mora oa hae ea ileng a mo tlisa lefatšeng. “Haeba Maria Movirigo haesale a sirelelitsoe sebeng sa tlhao, hona ho bolela hore o ne a ke ke a latsoa lefu hobane le latsoa feela ke ba ileng ba latsoa sebe sa tlhao hobane ke sona se tlisitseng lefu.”O boletse joalo.

A bontša hore Maria o na le hona ho ka re rapella, rona baetsalibe hobane eena ha ka a thetsoa ke sebe. “E leng hore re kopa mohau ho ea hauhetsoeng, ea hloekileng le hore a ke a re etse ka moo a seng a ntse a entsoe ka teng. A re leha re khothalelitsoe ho rapela ka matsatsi ohle, mokete o kang ona ke mochofane oa hore re tiise ka ho fetisisa hobane lithuto tse etsoang ka mokete o kang ona, li boetse li re hopotsa hore na hana Maria Movirigo ke mang. “Lerato la rona ho Molimo le boele le matlafatsoe ha re ntse re bolelloa ka bana ba ileng ba amohela ho rongoa ke Morena Molimo, ‘me a tlohela taba ea hore na o ne a rerile eng ka bophelo ba hae, a nke morero oa Molimo oa ho re tlisetsa Jesu Kriste.”

A phethela ka hore Maria o ile a nka morero oa Molimo oa ho tlisa mora oa hae Jesu Kriste lefatšeng, ‘me a nka sebopeo sa motho e le hore a tle a be joaloka rona, empa eena a re hlola feela ka hore h’a ka ba a ba le sebe.  

Vinkmag ad

Read Previous

Maseru e bopa mekhethoa

Read Next

Litho li behelloa ka thoko

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular