Vinkmag ad

Maseru e bopa mekhethoa

Setereke sa Maseru se tšoere ka thata ho bopa mekhethoa e fapakaneng ea lipapali tsa bolo ea maoto, volleyball le netball tsa bana ba likolo tsa mathomo ba lilemo li ka tlaase ho 13. Mekhethoa ena e tla qothisana lehlokoa le ea litereke tse ling tsa naha, moo ho tlang ho khethoa mekhethoa ea naha, e tla emela Lesotho lipapaling tsa COSAFA monongoaha.

Puisanong le Molula-Setulo oa Setereke sa Maseru oa lipapali tsa likolo tsa mathomo, Monghali Seboka Mothobi o itse morero o moholo oa lipapali tsena tsa bana ba lilemo li ka tlaase ho 13 ke ho bopa ngoana ho tloha lilemong tse tlaase, a holele kahara lipapali kaha li ka ba qobisa lintho tse ngata tse ka senyang bophelo ba bona. “Bana ba holele kahara lipapali ba boetse ba ntse ba kena likolo.” A rialo a bile a eketsa ka hore bona e le litichere e meng ea mesebetsi ea bona ke ho alosa bana, ho ba holisa ha ba le sekolong le lipapaling. A tiisa hore ba holisa bana mafapheng ohle a bophelo.

A re har’a liqholotso tseo ba kopanang le tsona ke tlhokahalo ea litokomane tsa bana  kaha hangata ha ba qeta ho bapala ba lokela ho emela naha kantle, empa ho fumanehe hore ha ba na litokomane. A boela a supa hore qholotso e kholo ke ho tsamaisa lipapali tsena tsa setereke, ho se na tšehetso ea lichelete kaha ba li tsamaisa feela ka ho lefa botho ba litikoloho le chelete e fokolang e lefshoang nakong ea lipapali. Ka hona a ipiletsa ho bahoebi ho etsa letsoho la monna.

A phethela ka hore hajoale ba se ba qalile tšebelisano ‘moho le DiFA-Maseru ho etsa mosebetsi ona o babatsehang oa ho otla bana lipapaling. A re lehoja ba e-s’o tekenele tumellano ea tšebetso, ba hlokometse hore ba ntse ba etsa mosebetsi o tšoanang oa ho holisa le ho matlafatsa litalenta tsa bona, ka hona ba fihletse qeto ea ho sebetsa ‘moho e le ho arolelana litsebo kholisong ea bana. “Bona ba tlilo re thusa haholo ka likoetliso kaha ba e-na le litsebo tsa lipapali.” O boletse joalo.

E mong oa batsamaisi ba lipapali Sekolong sa Mathomo sa Ha Sekete, Mofumahali  ‘Mamohato Lebakeng o itse lipapali li bohlokoa haholo kaha li hlabolla bana ba ke ba tsoele kantle ho kopana le ba bang ho bopa  setsoalle, empa e kholo ka ho fetisisa ke hore li tlilo thusa bana ba se nang litsebo tse kalo-kalo ka lihlopheng, ho iphelisa ka litalenta tsa bona. A re ba bang ehlile ba ipabola haholo ka lipapali, ‘me kamor’a lipapali ba kena ka lihlopheng ba le mafolo-folo likelello li chorile.

Vinkmag ad

Read Previous

Kopano ea Christ the Priest e’a keteka

Read Next

Nyollelo ea Maria Movirigo Leholimo

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular