Vinkmag ad

Mohlolo moketeng

Mocha ea lilemo li 16 oa Madrid naheng ea Spain, ausi Jimena, ea neng a se a e-na le lilemo tse peli a foufetse, o tlalehoa a ile a boela a bona ka mokhoa oa mohlolo kamora ho amohela Sakramente e Halalelang ea Eukariste, litšebeletsong tsa Sehlabelo se Halalelang sa ‘Missa tsa mokete o moholo oa Letsatsi la Lefatše la Bacha tse tšoaretsoeng Lisbon, Portugal monongoaha.

Litlaleho li supa hore Jimena ea neng a e-na le bothata ba pono, o ile a etsa Thapelo ea Novena e bitsoang ea Maria Mofumahali oa Lehloa ‘moho le metsoalle ea hae, ‘me kamorao ho thapelo ena ba ile ba kena Sehlabelong se Halalelang sa ‘Missa. Ke mona moo  e itseng kamora ho amohela Morena mahlo a hae a buleha, a boela a bona. “Ha ke bula mahlo a ka ke ile ka bona ka mokhoa o hlakileng.” O boletse joalo melaetseng ea hae ea marang-rang h’a hlalosetsa ba lelapa labo le metsoalle ea hae ka mohlolo ona.

A re kamor’a kamohelo o ile a lula setulong, a qala ho lla haholo kaha e ne e le letsatsi la ho qetela la thapelo ea Novena eo a neng a ntse a e etsa, a  kopa pholo ho Morena Molimo ka tsela e tebileng. “E itse ha ke bula mahlo a ka ka qala ho bona ka tsela e hlakileng.” A rialo.

Ke bacha ba ka bang 400,000 ho hlaha lefatšeng ka bophara ba tlalehoang ba ketekile Letsatsi la Lefatše la Bacha, Lisbon, Portugal. Letsatsi lena le ne le qaloe ho ketekoa lekhetlo la pele Rome, Italy ka selemo sa 1986, ‘me ka selemo sa 2027 le tla ketekeloa North Korea.

OSV News-

Vinkmag ad

Read Previous

Makemolo a qhoaela bakokoti

Read Next

Kopano ea Christ the Priest e’a keteka

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular