Vinkmag ad

Makemolo a qhoaela bakokoti

Moprista oa Parish ea Maria Mofumahali oa Lefatše, Ntate Patrick Khoaele OMI o re bakriste ba lokela ho itšoareletsa ka Lentsoe la Morena Molimo, kaha e le eona feela tsela eo ba tla latsoa menate ea pholoho le letlotlo la Molimo ba sa ntsane ba le lefatšeng. O buile tsena litšebeletsong tsa Sehlabelo se Halalelang sa ‘Missa, tse neng li tšoaretsoe hona Parishing ea  Mafumahali oa Lefaatše,  moo Kopano ea Kemolo ea Maria ea se nang Sekoli boemong ba Deanery ea Mazenod, e neng e tšoaea bahlabani ba 10 ka la 6 Phato monongoaha.

Ntate Khoaele o boletse hore Morena Jesu o ile a nka barutuoa ba hae ba bararo a ea thabeng le bona, moo ba ileng ba bona letlotlo la Jesu, tlotliso le tlhompheho eo a e fuoeng ke Morena Molimo le ho utloa lentsoe le tsoang letlotlong la Molimo le re, “enoa ke mora oa ka ea ratuoang eo ke khahloang ke eena, le mo mamele.” A re joalokaha Evangeli e bolela, bakriste ba tšoanela ho phela ka lentsoe la Molimo, kaha e le lona le ba phelisang ebile e le lesupa-tsela.

A re bakriste ba tšoanela ho mamela lentsoe la Molimo le ho imatlafatsa ka lona, kaha e le lebone le bonesang bophelo ba bona, ‘me ha ba sa tsamae ka lona ba ba lefifing le ho qetella ba sa mo khahlise. “Ha re etsa tsohle tseo re li etsang ka bokriste ba rona re li etsa hobane re matlafatsoa ke lentsoe la Molimo.” A rialo.

Molula-Setulo oa Kopano ea Kemolo e se nang Sekoli oa Deanery ea Mazenod, Mofumahali ‘Makatleho Agnes Rantlo o itse o leboha Movirigo Maria haele mona ba tšoasitse bahlabani ba kokotileng. “Empa ha re ea tloaela ho tšoasa palo e fokalang hakana, kaha re ntse re tseba hore Deanary ena ea rona ke e kholo ka ho fetisisa, e tšoanela hore bakokoti ba teng ba be bangata, empa le teng rea tseba hore ‘M’a rona o tla re ekeletsa.”

A re litebello tsa bona ho bahlabani ba bacha ke hore haeba litho tsa khale li ne li se li utloa e ka lia otsela ke mokhathala ba ba tlatse ka matla. “Re hle re bone hore ba tletse ka Moea o Halalelang, ehlile Mofumahali oa Leholimo oa ba sebelisa. Ba re phahamise le ho re tlela le ka lintho tse ncha tse tla ntšetsa kopano pele.” A rialo.

Lebitsong la bahlabani ba bacha, Mofumahali ‘Masehlotšoana Molise  eena o itse ba ikutloa ba thabile haholo haele mona ba qhoaetsoe lipele tsa bokokoti. A tiisa hore letsatsi lena haesale ba le lebeletse hore na le tla fihla neng. A re ntho eo a e ratang haholo ka Kopano ea Kemolo ke lithapelo tsa ‘M’a rona Maria Movirigo, ‘me har’a e meng ea mesebetsi eo ba tlil’o e etsa ha ba qeta ho apesoa ka khoeli ea Tšitoe monongoaha, ke ho tla holisa kopano ka ho tsosolosa litho tse seng li khathetse ho khutlela kopanong, le ho ba thusa hore ba kene kereke. Ke hona tšebeletsong ena, moo kopano e ileng ea boela ea amohela litho tse ncha tse peli tse ileng tsa titimela kopanong.

Vinkmag ad

Read Previous

Makanselara a seboko

Read Next

Mohlolo moketeng

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular