Vinkmag ad

IMBISA ka Loetse

Mongoli-Kakaretso oa Seboka sa Babishopo ba Kereke e Katholike Lesotho(LCBC), Ntate Phillip Ntsiki.

Phutheho ea matsatsi a mararo ea Komiti e Tsamaisang Seboka se Seholo sa Babishopo ba Kereke e Katholike Tikolohong e ka Boroa ho Afrika sa IMBISA, e tlilo tšoareloa naheng ea Lesotho, ka la 19 ho isa la 22 Loetse monongoaha, ‘me litlhophiso li ntse li tsoelapele ka makhethe.

Puisanong le Moeletsi oa Basotho, ka la 3 Phato 2023 le Mongoli-Kakaretso oa Seboka sa Babishopo ba Kereke e Katholike Lesotho(LCBC), Ntate Phillip Ntsiki, o boletse hore liphutheho tsa Komiti ea Tsamaiso ea IMBISA li tšoaroa hararo ka selemo, ho potoloha linaha tsa Tikoloho e ka Boroa ho Afrika.  A re phutheho ea pele ba ile ba e tšoarela naheng ea Angola ka la S21 ho isa la 24 Tlhakubele 2023, ‘me e hlahlamang e tla naheng ea Lesotho ka Loetse.

A re phutheho ena e fapane haholo le seboka se seholo sa IMBISA, se kang se kileng sa tšoareloa naheng ea Lesotho ka selemo sa 2016, kaha mona teng komiti ena ea babishopo, mosebetsi oa eona ke ho tla rala mesebetsi ea bona ea letsatsi ka leng e tsamaisang IMBISA. “Ba tlil’o tšohla litaba tsa bona tsa letsatsi ka leng. Hona le tseo ba re fang tsona, tseo ba reng tsena li ka phatlalletsoa sechaba sa bakriste.” O boletse joalo a tiisa hore koano Lesotho ho tla Komiti ea Tsamaiso ea IMBISA, e tlil’o tšohla le ho shebisana litaba tsa bona e le babishopo.

A re naha ea Lesotho komiting ena e emetsoe ke Mobishopo oa Tikoloho ea Mohale’s Hoek, Mohlomphehi John Joale Tlhomola SCP. H’a tsoelapele, Ntate Ntsiki o boletse hore nako eohle moo babishopo ba tšoarelang liphutheho tsa bona teng, ba e ba kope hore ho be le Parish kapa ‘mishone o khethoang ho etellapele sechaba sa bakriste ka pina nakong ea litšebeletso tsa Sehlabelo se Halalelang sa ‘Missa. A re ke ka lebaka lena ho ileng ha koptjoa Parish ea Maria Mofumahali oa Lefaatše, ho ba eona e tlang ho etellapele sechaba sa bakriste ka pina, ha ho thakholoa phutheho ena e kholo ea babishopo.

A phethela ka hore sebaka seo phutheho e tlang ho sebeletsa ho sona ke hona se tla phatlalatsoa hamorao, ha babishopo ba se ba fihletse qeto ea hore na ba lakatsa ha e ka tšoareloa ho kae.  

O re ke babishopo ba 11 ba tla beng ba le teng phuthehong ena, ‘me liboka tse  tlang ho ba le boemeli ke  sa Angola,  Mozambique, Afrika Boroa,  Namibia,  Zimbabwe le  Lesotho e leng lona le tlang ho amohela baeti. Ka holimo ho tsohle ho tla be ho boetse ho le teng, President ea Komiti ea Tsamaiso ho tsoa naheng ea Namibia, motlatsi oa hae ho hlaha naheng ea Angola, Mongoli-Kakaretso oa Komiti ho tsoa naheng ea Zimbabwe le Raliphatlalatso oa Komiti ho tsoa naheng ea Eswatini.

Vinkmag ad

Read Previous

Mapolesa a tšoaroa ka bosholu

Read Next

Swalllows e ekeletsoa matla

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular