Vinkmag ad

OCC e fana ka limpho ho bana

Mohokahanyi oa Lithapelo oa Tikoloho e Bohareng ea Maseru, ho tsoa Mokhatlong oa Letšolo la Bana la Keresemese (OCC), Mofumahali ‘Majonothane Letsie o ile a tšoarela bana lithuto tsa Mangolo a Halalelang ka tšebeliso ea litšoantšo le ho ba thabisa ka ho ba fa moqeqekohali oa limpho, mangolo le libebele ho tsoa ho OCC.

Limpho tsena tsa bohlokoa tse fanoeng li kenyeletsa har’a tse ling mabokose a ka bang 99, a tšetseng lintho tse bapalang tsa bana ka mefuta eohle ea tsona, sesepa se itlhatsoang, lipompong, sesepa sa meno, lithaole tse itlhatsoang le tse ling tse ngata.

H’a nehelana ka thepa ena Mofumahali, ‘Majonothane Letsie o itse Mokhatlo oa OCC o sebetsa le likereke tsohle litabeng tse amanang le bana, kaha morero o moholo oa bona e le ho bona hore bana ba rutoa Lentsoe la Morena Molimo le ho lula ba thabile ka linako tsohle. “Phano ena ea limpho ho bana joalokaha re ba file buka e nyenyane e ngotsoeng ‘mpho e kholohali’, re tšoantšitse lebokose ka leng, e le Morena Jesu e bile e le eena ea fanoeng e le mpho ea bohlokoa.” O boletse joalo.

A re buka ena e tataisa ngoana hore a tsebe ka litaba tsa bohlokoahali e leng mpho e Morena Jesu. “Ngoana ea fuoeng lebokose ho na le litaba tseo a tla lokela hore a li tsebe kahar’a buka eo, empa haholo hore e be ba fuoe buka eo ke hore ba tsebe hore Morena Jesu o’a ba rata. Ho thoe barutuoa ha ba bona bana ba e-tla ho Jesu, ba ile ba ba leleka empa Jesu a re, lesang bana ba tle ho ‘na hobane ‘Muso oa Maholimo ke oa ba joalo ka bona.”O boletse joalo a bile a phethela ka ho leboha Kereke ha ile ea lesa bana ho tla rutoa litaba tsa molaetsa o molemo.

Lebitsong la barupeli ba bana, Mofumahali ‘Mamakakalia Lucia Rasephehi o itse ba felloa ke mantsoe a teboho ho latela limpho tseo bana ba li fuoeng. A re Mofumahali Letsie ka mokhatlo oa habo oa OCC ba se ba tla fumana moputso oa teboho ho Morena Molimo, ‘me “ke lumela hore batsoali ba tlil’o thaba haholo le ho khothaletsa bana hore ba kene Kereke Sontaha ka seng.” A tiisa hore tšebetso e bile e ntle haholo, ‘me isao ba tlil’o e matlafatsa ho feta.

Lebitsong la bana ba fumaneng limpho, Ausi Bohlokoa Moshe o itse ba ikutloa ba thabile haholo, ‘me ba lebohile haholo ka limpho tsena tseo ba li fuoeng. A re ntho eo a e ratileng haholo ke lithuto tseo ba li filoeng tsa Mangolo a Halalelang, ‘me ba rata Morena Jesu ka lipelo tsohle tsa bona. A kopela bohle ba hlophisitseng litšebeletso tsena katleho le mahlohonolo.

Ke bana ba 80 ba lilemo li peli ho isa ho tse ‘ne, ba lilemo li hlano ho isa ho tse robong le ba lilemo li 10 ho isa ho tse 14, ba tikoloho ea Mazenod ba abetsoeng limpho ke OCC.

Vinkmag ad

Read Previous

EduYou e’a thakholoa

Read Next

Ba 53 b’a lokolloa

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular