Vinkmag ad

CRROA e etela Litsi tsa Tlhabollo

Mokhatlo oa Batšoaruoa ba Mehleng (CRROA), o tsoile letšolo ho potoloha le Litsi tsa Tlhabollo ea Batšoaruoa seterekeng sa Mokhotlong ho tloha ka la 1 Phato monongoaha, ka morero oa ho thusa batšoaruoa ka lisebelisoa tsa letsatsi ka leng tseo ba li hlokang, ho matlafatsa Lihlopha tsa Tšehetso ka ho li tšoarela lithupelo e le hore li tsebe ho thusa batšoaruoa ba kulang, haholo-holo ba sebelisang lipilisi tsa bophelo bohle ho li sebelisa ka nepo.

Ho ea ka President ea Mokhatlo oa Batšoaruoa ba Mehleng, Monghali Nkalimeng Mothobi, ba tlilo matlafatsa Lihlopha tsa Tšehetso hore li be boemong bo botle, ba ntse ba tšoarane ka matsoho le ba Litsi tsa Tlhabollo ea Batšoaruoa ba ikarabellang litabeng tsa bophelo.  A re ba tlilo ba fa lithupelo tse fapakaneng, tse tla ba thusa hore na ba lokela hore ba tšoare bakuli ka mokhoa ofe.

A re taba e ‘ngoe eo ba tlilo e matlafatsa ke hore na ha motšoaruoa a se a qetile likahlolo tsa hae, o lokela hore a tšoaroe joang h’a fihla sechabeng sa moo a phelang teng. “Re lokela ho lokisa taba ena ea batšoaruoa ea ho tsoa ba ea sechabeng ho ea phela le sona, ele ho lokisa taba ena eo o tla fumana hore sechaba ha se ba amohele, ‘me e be se ntse se lla ka hore hao nyeo o se a tsoile, o se a le kantle h’a shoella teronkong koa keng.” O boletse joalo a bile a eketsa ka hore ba batla hore batšoaruoa ka Litsing tsa Tlhabollo ba be le mekhoa ea ho itlhahisetsa lijo, e le ho thusa ba kulang ho fumana mokhoa o motle oa ho ja, ba tle ba tsebe ho sebelisa litlhare tsa bona hantle.

A bontša hore ho lokela hore ho be le batho ba thusang bakuli ka Setsing sa Tlhabollo kaha ho e-na le batšoaruoa ba bang ba kulang, hoo ba seng ba sitoa ho itlhatsoetsa, ho itlhatsoa le ho ea phaka lijo nakong eo ho jeoang. A boela a re ho lokela hore ho be le batho ba thuso ea pele ba tla tseba hore na bakuli ba mafu a fapakaneng ba lokela ho atameloa ka litsela life. A re sepheo sa CRROA ke ho boelanya batšoaruoa le sechaba ba tšoarane ka matsoho le basebeletsi bohle ba Litsi tsa Tlhabollo ea Batšoaruoa. A ipiletsa ho sechaba sa Basotho ho thusa batšoaruoa hore ba bone liphoso tsa bona le ho loantša litlolo tsa molao, “hobane ha re qala re e loantša ka ho thusa motho ea etsang tlolo ea molao o tla tseba ho hlokomela liphoso tsa hae.” Ke Mothobi eo.

Vinkmag ad

Read Previous

Ba 53 b’a lokolloa

Read Next

Mapolesa a tšoaroa ka bosholu

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular