Vinkmag ad

WASCO e etsa kopo

Kamphani ea Metsi le Likhoerekhoere (WASCO), e fane ka lengolo la kopo ea nyollo ea litšebeletso tsa litheko tsa metsi ho Lekhotla la Taolo ea Motlakase le Metsi Lesotho (LEWA), ka 14.8% le litefiso tsa khoeli le khoeli ka 4.7%, ho basebelisi bohle ba metsi.

Ho latela phatlalatso e ntšitsoeng ke WASCO, kopo ena ea nyollo ea litefiso tsa litšebeletso tsa metsi, e se ke ea kenyeletsa litefiso tsa khoeli le khoeli tsa basebelisi ba metsi a lipompo tsa sechaba le basebelisi ba metsi a mokhahlelo oa pele (Band A Customers). Kopo ea e boetse e kenyeletsa le ho nyolloa ha litefiso tsa litšebeletso tsa likhoerekhoere ka 31.5%.

Phatlalatso e supa hore ka kakaretso WASCO e kopile chelete e kaalo ka M298.835Millione, e leng M251.425Millione sebakeng sa litšebeletso tsa metsi le M4.7Millione sebakeng sa likhoerekhoere. Ho feta mona, WASCO e boetse e kopile ho nyolla litefiso tsa ho hokela metsi hore li lekanngoe le litjeo tseo koparasi e kenang ho tsona ha e hokella baji metsi.

Ho sa le joalo, ho latela temana ea 24(6) ea molao oa LEA oa 2002, o hlomathisitsoeng, LEWA e entse khoeheletso ho basebelisi ba litšebeletso tsa metsi le khoerekhoere le batho bohle ba amehang ho fana ka maikutlo mabapi le kopo ena.

Vinkmag ad

Read Previous

Seminari e’a buloa

Read Next

Mokhothu o leba makhulong a matala

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular