Vinkmag ad

Mokhothu o leba makhulong a matala

Papali ea bolo ea maoto ea basali e hlalosoa e se boithapollo feela, hoba ha e sebelisoa hantle e ka bula menyetla e mengata ea mamati a bophelo, ho libapali tse ithukhubelitseng ka matla ho eona. Tsena li hlahelletse ‘mokeng oa baphatlalatsi ba lipapali o bileng Kick4Life, Maseru, moo botsamaisi ba Mokhatlo oa Kick4Life, bo neng bo hlahisa e mong oa libapali tsa sehlopha sa Kick4Life Ladies, Ausi Morakane Mokhothu ea fumaneng monyetla oa ho ea ithuta le ho bapala bolo ea maoto, ho se seng sa likolo tsa thuto e phahameng naheng ea Amerika.

H’a bua le baphatlalatsi ba litaba ‘mokeng ona, Molula-Setulo oa Komiti e Tsamaisang Lihlopha tsa Kick4Life tsa Bolo ea Maoto, Monghali Mojalefa ‘Baba’ Malephane o lebohetse le ho lakaletsa khalala ena ea bolo ea maoto ea basali katleho le mahlohonolo moo a lebang teng. A re ke sepheo sa bona hore  Lefapheng la Bolo ea Maoto ba sebetse ka thata le ho bona hore selemo le selemo ba romella libapali ho ea ntšetsapele talenta ea bona le ho intlafatsa ka lihlopheng maemong a thuto, “hobane rona ha re batle hore bolo e tsamae koana, e be le thuto le eona e tsamaea koana.” A rialo.

Batsoali ba khalala ena ea bolo, ba phaphathile Mokhatlo oa Kick4Life lehetla ka mosebetsi o tsoileng matsoho, oo e o etsang oa ho holisa le ho ntlafatsa bana ba Basotho ka ho ba batlela menyetla ea ho ntlafatsa litalenta tsa bona. Ba ipiletsa ho Mokhatlo oa kick4Life ho tsoelapele ka ho otla bana ba Basotho molemong oa ntšetsopele ea papali ea bolo ea maoto kahare ho naha.

Puong ea hae ea teboho, Ausi Morakane Mokhothu o itse tsena tsohle o li fihletse ka lebaka la  thahasello, boitšepo le lerato le tebileng la papali ea bolo ea maoto. A re ke ka boitelo le ho sebetsa ka thata papaling ea   bolo, hore libapali li ka fihlela seo li se hlokang bophelong ba tsona. A re leha e se motho ea bohlale hakalo papaling ea bolo, feela o etsa ka boitelo bohle hore a fihlele seo a se batlang, “hobane ke etsa ntho eo ke ratang”.

A phethela ka ho leboha bohle ba kentseng letsoho katlehisong ea seo a se fihletseng. “Ke leboha litichere, bakoetlisi ba ka le batsoali ba ka hobane hoja e ne e se ka bona nka be ke se mona moo ke teng ‘me bolo e maling a ka.” Ke Morakene eo.

Vinkmag ad

Read Previous

WASCO e etsa kopo

Read Next

Mojaki o qhaneha pere

One Comment

  • Hele hantle bana ba Basotho bana le talenta, empa o tla bona hore hona le batho ba sa lakaeletseng ha bana ba Basotho ba atleha bopheong ba bona . win Kick4Life pele ea pele.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular