Vinkmag ad

Seminari e’a buloa

Kamor’a hore Seminari e Kholo ea Koetliso ea Baprista ba Kereke e Katholike ea Augustinus ea Halalelang, Roma, e koloe ka lebaka la mathata a khaello ea lichelete, e tlil’o boela e buloa hape, ka la 31 Phupu monongoaha.

Puisanong le Moeletsi oa Basotho, Moarekabishopo oa Maseru, Mobabatsehi Tlali Gerard Lerotholi OMI o supile hore leha litaba li ntse li sebetsoa, Seminari e tlil’o buloa kaha baithuti haholo ba linaheng tse mose, ba lokela ho tla ngola lihlahlobo. A re mathata a lichelete a amme haholo mekhoa ea ho lefa barupeli esita le bophelo ba Seminari ka kakaretso.

A supa hore Seminari e Kholo ke eona mohloli o moholo oa Kereke, ‘me ho koaloa ha mohloli ona o ntšitseng baetapele ba bangata ba Lesotho le Tikoloho ena e ka Boroa ea Afrika ke ho timetsa Kereke. A boela a supa hore e ka ba ntho e lihlong hore ebe nakong ena eo Seminari e ketekang  lilemo tse 100 e thehiloe, ebe e hlaheloa ke bomalimabe ba hore e koaloe.

Mobabatsehi o ipilelitse ho sechaba sohle sa Basotho ho hlaha ka likhoroana tsohle ho etsa tsoho la monna, ho bona hore mohloli ona o hlahisitseng baetapele ba bangata ba Kereke o’a phela. “Ha re boneng ka pele ka potlako  hore rea thusetsa ka mekhoa eohle e fapakaneng.” A rialo.

Motsamaisi oa Seminari e Kholo ea St. Augustinus, Ntate Paul Lekena o tiisitse hore Seminari e tlil’o buloa ka la 31 Phupu 2023, le hoja a  sa ka a hlakisa mabaka hantle ka le reng lebaka le leholo ke khaello ea lichelete eo Seminari e tobaneng le eona hajoale, empa a re ntho e kholo eo a e thabetseng ke ho buloa ha Seminari le hoja mathata a ntse a e-s’o ee moriting.

Seminari ea Augustinus ea Halalelang e ne e thehoe ka selemo sa 1924 ke Mobishopo Jules Cenez OMI, ho latela sepheo sa Mopapa Benedict IV sa hore baprista ba Kereke e Katholike ba koetlisoe lichabeng tsa linaha tseo e leng tsa habo bona, ‘me ho fihlela hajoale e se e ntšitse baprista, babishopo, baarekabishopo esita le baetapele ba bangata ba Tikoloho e ka Boroa ho Afrika,.   

Vinkmag ad

Read Previous

Sepolesa se bulela likopo tsa lithunya

Read Next

WASCO e etsa kopo

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular