Vinkmag ad

Basotho ba tsetselela lintlafatso

Har’a lintlafatso tseo ho bonahalang e le leqeme le leholo ka hare ho motse oa Ha ‘Molisa Maputsoe, Mofumahali ‘Mafusi Pitso o bontšitse ha tsa mantlha e le tlhokahalo ea metsi le tsela e seng maemong a matle. Tsena o li buile ka la 11 Phupu monongoaha. Pitso o itse e le sechaba sa Ha ‘Molisa ba sotlehile haholo kaha ba hloka metsi ‘me tlhokahalo eo ea metsi ke ea nako e telele moo ba lekileng ho etela ba ikarabellang le hoja ba sitiloe ho thusoa, ho feta moo ba ntse ba tšepisoa feela. O re ba lekile liteko tsohle ho bona hore sello sa bona se sekeheloa tsebe empa ha joale le bona ba se ba nyahame hore ba tla abeloa metsi.

O supile hore se makatsang ke hore e sa le ho ba le mechini e tokisong hore ba qetelle ba e-na le metsi empa lipompo tsa bona ha li tsoe metsi ba se ba bile ba na le tšabo ea hore lipompo tsa bona li tla ba le mathata a ho se sebetse hobane e se e le nako e telele li sa sebetse. O hlalositse hore hore ba be le metsi, ba lokela ho a lefella joale ba kojoana li mahetleng hore ba ka lefella metsi letsatsi le chabang le le likelang. Ho feta moo, o re ba tlameha hore ba ee Ha Motlalehi moo ho leng sebaka le Ha ‘Molisa, ‘me teng qholotso eo ba tobanang le eona ke ea hore sechaba se ba sengata ka lebaka la hore se kha ka ntle ho tefiso ea letho.

O re le tsela e senyehile ka hoo seo se ba bakela mathata haholo kaha leha motho a e-na le mokuli o lokela ho totoba le eena ho fihla setsing sa bophelo moo motho a ka ba lahleheloa ke bophelo. A re ba seboko ka hore ho thoe ba lefe M10. 00 motho ka mong hore mabone a tseleng a bonesetse ‘me o re seo ha sea ba thabisa kaha ba nahana hore ke boikarabello ba ‘muso ho bona hore a bonesa. O re ba kopa hore le hona leihlo la mohau le ba shebe, kaha ba loketsoe ke lintlafatso. Mokhethoa oa lebatooa la Maputsoe Monghali Sotlehang Sekhamane o itse tlhokahalo ea metsi kea khale sebakeng seo sa Ha ‘Molisa, empa ho na le mochini o tokisong hore sechaba se joalo se fumane metsi, empa bothata ke hore mokanselara h’a mo atamele ho teka seboko sa bona hore eena a bone matsapa ohle hore o fetisetsa litaba tse joalo ho matona a ikarabellang.

O re sena se bakoa ke hore e tla be e le batho ba makhotla a fapakaneng a lipolotiki, moo ba sa sebeletseng sechaba ka toka ka lebaka la lehloeo empa leha ho le joalo, o itse o tla sebetsana le taba eo ho bona hore ho sebetsahala joang. Tabeng ea baahi ba llang ka ho lefella mabone a tseleng hore a bonese, o itse sechaba sa Ha ‘Mathata se ngolletse Letona la Puso ea Libaka moo se tlil’o teka sello sa bona joale a re hangata e re ha hona le pitso e joalo marena a metse e tikolohong a mengoa ‘me eena o tla etsa tšalo morao ha letona le ka se iponahatse kamor’a matsatsi a 14.

O phethetse ka ho kopa makanselara hore ba etele liofising ho teka sello sa sechaba, kaha e le ona a sebetsanang le litaba tsa metseng. O re tlhokahalo ea lintlafatso haholo metsi le tsela e bonahala e le kobo anela kaha le Morena oa Ha Seitlheko Mafeteng Monghali Nthonyana Seitlheko puisanong le eena o itse ho na le karoloana e ‘ngoe ea motse e ahileng thabeng moo ho tsebahalang ka lebitso la lirakeng, e khang metsi hole le moo e phelang teng ka lebaka la khokelo ea metsi a sa hloekang, empa tanka ea metsi e le teng.

O itse sello se seng se seholo seo sechaba se llang ka sona ke tlhokahalo ea limmoto-moto tseleng e kholo e kopanyang setereke sa Mafeteng le Mohale’s Hoek ea letšoana e fetang kahare ho motse. O itse ho se ho hlokahetse batho ba bangata haholo ho latela lebelo leo likoloi li fetang ka lona sebakeng sena. A re ba seleballetsoe hore na ba ka etsa joang ho fenya bothata bona.

Vinkmag ad

Read Previous

O thoholetsa mokonteraka

Read Next

Mookameli o qosoa ka peto

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular