Vinkmag ad

Bakhethoa! Sechaba se le emetse

Haele mona Ntlo ea Bakhethoa ba Sechaba e koaloa ho ea itokisetsa ho ea likhethong ka khoeli ea 10, eo mohlomong e tla khutla e se e le e ncha, ba tšepahalang sechaba ba sebelisa nako ena ka ho khutlela sechabeng se ba fileng thomo ka paramenteng, ho se tlalehela ka lintho tseo paramenete e li arabetseng le tse sa arababeloang mohlomong le tseo ekabang li tekiloe empa ha li e-s’o tšohloe. Sechaba se ka ba le maikutlo holima tse ling tsa litaba tse ntseng li oela litsebeng tsa sona ho hlaha likoranteng le li-ea-le-moeng, empa kaha ha se bohle ba fumanang monyetla oa ho bua li-ea-le-moeng le likoranteng, ketelo ea mokhethoa lebatooeng eka nolofalla sechaba ho fana ka maikutlo.

Lingangisano tse bang teng kahar’a paramente li ka ba molemo ha feela li etsoa ho ipapisitsoe le thomo ea sechaba, ‘me ekaba hantle ha bakhethoa ba ka theohela sechabeng, ho utloa maikutlo a sona mabapi le likhang tse etsoang ka moo ka paramenteng ea sona. Lebaka la tlhokomeliso ena ke hobane ho ka etsahala hore ebe ho ntse ho finoa lifeisi ka lintho tse molemong oa motho ka mong e le mokhethoa, eseng molemong oa sechaba. Ba bang ba bona (bakhethoa) hona paramenteng ena e koaloang ekare motho ha eo feela motho a ne a khethiloe .

Potso ke hore na mokhethoa ea joalo lekhotla kapa mokha oa hae o mo boloketseng ka moo? Na phoso e teng ha sechaba se khethileng motho oa mofuta oo se ka mo leleka hobane a se na thuso? Empa ka nako e ‘ngoe re le sechaba re’a itoea baloi ba le teng, re khetha motho ea tlohang mosebetsing oa hae hobane a ne a lokela ho phomola ho latela lilemo tsa hae, re mo kenya ka paramenteng, ho lebeletsoeng ka motho ea joalo ea il’o jella penchene e hae ka paramanteng. Leha ho le joalo, ba bang ha ba sa tl’o khutlela parameneteng ho hang, mabatooa a tl’o ba nyahlatsa.

Ha ke feta tsena tsa bakhethoa, ke kene ho tsena tsa tlaleho ea Mohlahlobi e Moholo oa Libuka tsa ‘Muso, re fumana tlaleho e sa fapanang haholo le ea selemong se fetileng, ngongoreho e kholo ho eena kea hore o lula a etsa likhothaletso, empa ‘muso ha o ikhathatse ka letho, mopolotiki eena o tsoa ka lekhalo le leng ha mamele letho. Motho o ipotsa lipotso tse ngata hore na ho bohlokoa hore libuka tsa makala a ‘muso li hlahlojoe, haele moo ho se likhato tse nkoang qetellong?

Haele hantle ke boikarabello ba mang ho alosa lichelete ha li abetsoe makala a ‘muso? Ke paramente kapa ke Tona-Kholo e litulong? Letona la Lichelete le re sekhahla sa mekoloto se theohile, ‘me ke litaba tse monate tseo. Empa ka lehlakoreng le leng M6.1Billione e nyametse ha ho bonahale hore na e entseng ho latela tlaleho ea Mohlahlobi oa Libuka, che litaba tsa Lesotho li thata.

Vinkmag ad

Read Previous

Bolebali bo boholo ke lefu ha se boloi

Read Next

O thoholetsa mokonteraka

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular