Vinkmag ad

Bacha ba lebohela Khatiso ea Mazenod

Sechaba se ne se phuthehile ka bongata bo boholo nakong ea pulo ea moaho o mocha oa Khatiso ea Mazenod, e le ho tla thaba le ho lebohela bookameli le basebetsi bohle ba Mazenod, ka katleho ena e kholo ea khaho ea moaho ona o majaba-jaba. Har’a sechaba se neng se le moo ho ne ho bile ho le teng le bacha ka morero o tšoanang oa ho tla thaba le ho leboha. Ka ho elelloa bo teng ba bona, re ile ra ba atamela ho ba nonya maikutlo mabapi le ketsahalo ena e kholo e etsang nalane bophelong ba bona, hore na ebe litebello tsa bona ke lifeng, malebana le litšebeletso tseo ba tlang ho li fumana kahare ho moaho ona o mocha, le hore na mohlomong ba bona eka boteng ba moaho ona o tlil’o tlisa liphetoho lifeng bophelong ba bona ba letsatsi ka leng le ho sechaba ka kakaretso. Bona ba ile ba li beha tjena:

Khoabane Mohale

Khoabane Mohale

Sena se etsahetseng koano se re thabisitse haholo, re thabetse ho bona moaho o motle hakana oo e leng oa pele oa mofuta oa ona kahare ho tikoloho ea habo rona ea Mazenod. Ke utloisisa hantle hore le bacha ba bang ba habo rona le bona ba thabetse ho bona botle boo re bo bonang. Le teng e se ke ea eba botle feela bo kantle empa tebello ea rona e kholo ke ho bona bosebeletsi bo tsoileng matsoho, boo re tlang ho bo fumana kahara moaho ona. Re lebeletse ho fumana basebetsi ba pelo li jeoang. Re lebohela bookameli le basebetsi bohle ba Mazenod ka moaho ona o motle.

Reitumetse Petlane

Reitumetse Petlane

Reitumetse Petlane Ruri ke utloa ke felloa ke mantsoe a teboho, ha ke sheba moaho ona o motle. Re le bacha ba Mazenod re motlotlo ka ntlafatso ena e tlisitsoeng sebakeng sa habo rona, ke bahlanka bana ba Morena Molimo.

Re lebohela botsamaisi le basebetsi bohle ka katleho ena e kholo, ‘me re lebeletse kamohelo e mofutho le bosebeletsi bo tsoileng matsoho, ho bohle ba tlang ho fana ka litšebeletso moahong ona. Re kopa hore Mazenod e hole ho feta mona, ‘me e boele e re tlisetse lintlafatso tse ling hape tse fetang tsena, tseo re li bonang kajeno. Re ikotla sefuba ka moaho ona, ‘me ‘na ke se ke bile ke o bitsa: Mazenod Convention Centre (MCC)!

Mokoena Mohlouoa

Mokoena Mohlouoa

Ntate, ‘na ke ikutloa ke thabile haholo hore ebe liketsahalo tse kholo ha kana tsa bohlokoa li etsahala nakong ena ea bocha ba rona. Hona ke nalane ho rona bacha ba hona joale. ‘me re lebohela bookameli ba Mazenod, basebetsi le sechaba sohle se tlang ho fumana litšebeletso mona. Joalokaha bana beso ba se ba boletse, har’a litebello tse ngata tsa bohlokoa tseo re li lebeletseng, ke ho fumana bosebeletsi bo mofuthu, botsebang ho tšoara bacha le bareki hantle. Re kopa tšoaro e mofuthu ho feta eo re ntseng re e fumana ka mehla ha re il’o reka libuka lebenkeng la Mazenod. Re se re re Mazenod e hole e holele sechaba sa Basotho.

Teboho Lipholo

Teboho Lipholo

Ka ‘nete rona re le bacha re thabile haholo ho bona botle bo tjena. Seo re se lebeletseng ke bosebeletsi bo botle joalokaha bomphato ba se ba boletse pele ho ‘na. Re le bacha re motlotlo ka mosebetsi ona o motle, ‘me re lebohela basebetsi bohle ba Mazenod. Re leboha toro e ileng ea loroa ke mookameli oa sebaka sena. Re kopa hore Morena Molimo a mo ekeletse litoro tse ngata tse tlang ho holisa le ho matlafatsa sebaka sena sa Mazenod.

Ke khothaletsa bacha bohle ba Mazenod le mathoko a eona ho tšehetsa setsi sena sa thekiso ea libuka, e le hore se tle se tsebe ho hola se boele se re tlisetse lintho tse ling tse ntle joaloka tsena tseo re li bonang kajeno. Ruri re motlotlo haholo ka sena se etsahetseng kajeno, ‘me re thabile hobane re ipontšitse ka mahlo, re bone ‘me re lipaki tsa botle bona.

Thabiso Ratsuba

Thabiso Ratsuba

Letsatsing la kajeno thabo ea ka ke e khaphatsehang ho bona moaho o motle hakana tikolohng ea heso ea Mazenod. Moaho ona o tlil’o re hlahisetsa mesebetsi e fapakaneng. Bacha ba tlilo imona monoana ka litsela tse fapakaneng ka lebaka la moaho ona, ‘me ba bang ba tlil’o hira tse ling tsa liphaposi tsa moaho ona, ho iphatela metsuntsunyane ha bang bona ba tlil’o fumana mesebetsi.Moaho ona o tlil’o thusa ho fokotsa tlhokahalo ea mesebetsi kahare ho bacha le phokotso ea litlolo tsa molao.

‘Na tebello ea ka e kholo ke Bacha ba lebohela Khatiso ea Mazenod hore makhethe ana ao kea bonang sebakeng sena le botle bona li tle li sale li ntse li le joalo ka mehla. Basebetsi ba be ba tle joaloka moaho ona. Bacha ba heso Mall o mocha ke ona ha ho sa hlokahala hore re ‘ne re ee bo Maseru koana ho ea reka libuka, empa re li sia Mazenod Mall. Etsoe likoloi li nyolohile hona joale! Ha re tšehetseng Khatiso ea Mazenod e tle e tsebe ho re etsetsa tse ntle ho feta tsena. Katleho ea Mazenod ke katleho ea rona bohle! Kea leboha.

‘MS Fire’ Roboro

Ke rata ho otla sepekere hlohong! Ka ‘nete ke lebeletse ho bona makhethe a na a ntse a le teng ka linako tsohle. Kahar’a tse ling tsa liphaposi tsa moaho ona, ho ke ho be joalo ka mehla. Basebetsi ba be ba tle joaloka moaho ona. Bacha ba heso Mall o mocha ke ona ha ho sa hlokahala hore re ‘ne re ee bo Maseru koana ho ea reka libuka, empa le batho ba mosa, ba tla ke ba hlabolle likelello tsa rona ka hore kenyetsa lipapali tsa katlung. Bacha ba Mazenod ba ke ba phathahane ka lipapali ho fokotsa litlolo tsa molao tse bonahalang li ntse li phahama letsatsi ka leng mona Mazenod.

Hape ho ke ho be le liphaposi tsa poloko ea libuka le ho bala (Library), ho thusa bacha ba kenang likolo tsena tse haufinyane. Ho boele ho be le liofisi tsa khatiso ea ‘mino kahare ho moaho ona, re se ke ‘ne ra ea hole koana ha re lokela ho hatisa lipina tsa rona. Re leboha toro ena ea Ntate oa rona! Re kopa a tsoelepele ho lora lintho tsena tse ntle, ‘me Morena a mo atlehise le bohle ba ileng ba mo tšehetsa ho bona hore toro ena ea hae e ntle ea atleha.

Vinkmag ad

Read Previous

Ntate Lougen o bula moaho

Read Next

Moprista Lelimo o’a bolokoa

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular