Vinkmag ad

La 30 Phupjane 2025

Beke ea 13 har’a selemo

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Genese. (18:16-33)

“Na u tla hl’u timetse ea lokileng ‘moho le ea khopo?”

Eaba banna ba tloha Mamre ba leba nq’a Sodoma; Abrahama a tsamaea le bona, a ba felehetsa. Joale Morena a re:

Na nka patela Abrahama seo ke il’o se etsa, ha e le moo Abrahama e tla ba sechaba se seholo, se matla, ‘me merabe eohle ea lefatše e tla hlohonolofala ka eena? Etsoe ke mo khethile hore a laele bana ba hae, le ba ntlo ea hae, ba tlang kamor’a hae, hore ba tsamaee ka tsela ea Morena, ka bophelo bo lokileng ‘me bo tšoanelehang. Ka tsela ena Morena o tla phethisetsa Abrahama seo a ‘maletseng sona.

Eaba Morena o re: Mohoo o qosang Sodoma le Gomorrha o moholo hakakang! Sebe sa eona se boima hakakang! Ke sa theoha, ke e’o bona hore na ba fela ba etsa kamoo mohoo o fihlileng ho ‘na o bolelang kateng. Ke batla ho ikholisa.

Banna ba nt’o tloha, ba ea Sodoma; empa Abrahama a sala a eme kapele ho Morena. Joale Abrahama a atamela, a re: Na u tla hl’u timetse ea lokileng ‘moho le ea khopo? Mohlomong ho na le ba lokileng ba mashome a mahlano har’a motse. Na u tla hl’u ba timetse, u sa tšoarele motse kaofela ka baka la ba lokileng ba mashomne a mahlano ba ho oona? U se k’a etsa joalo ho hang, ua bolaea ea lokileng ‘moho le ea khopo, esere ea lokileng a ahloloa joaloka ea khopo. Ho se be joalo ho hang. Ebe Moahloli oa lefatše lohle a ke ke a sebetsa ka toka?

Morena a re: Ha nka fumana ba lokileng ba mashome a mahlano ba le teng motseng oa Sodoma, ke tla tšoarela motse kaofela ka baka la bona.

Abrahama a araba, a re: Ak’u bone hle, ke bile sebete ho buisana le Morena, leha ke le lerole le molora. Mohlomong họ ba lokileng bao ba mashome a mahlano, ho ka haella ba bahlano. Hleka u ka felisa motse kaofela ka baka la batho ba bahlano?

A re: Ha nka fumana ba lokileng ba mashome a mane a metso e mehlano ba le teng, nke ke ka o felisa. A boela a bua le eena, a re: Mohlomong ho ka fumaneha teng ba lokileng ba mashome a mane feela. A re: Nke ke ka etsa taba e joalo ka baka la bao ba mashome a mane.

Abrahama a re; Moren’a ka a se k’a mp’a halefa, ha ke ntse ke bua. Mohlomong ho ka fumaneha teng ba lokileng ba mashome a mararo feela. A re: Ha nka fumana ba lokileng ba mashome a mararo, nke ke ka etsa joalo.

A re: Ak’u bone hle, ke bile sebete ho bua le Morena. Mohlomong ho ka fumaneha teng ba lokileng ba mashome a mabeli feela. A re: Nke ke ka o felisa ka baka la ba mashome a mabeli bao.

A re: Moren’a ka a se k’a mp’a halefa, ke tla boela ke bua khetlo la qetello. Mohlomong ho ka fumaneha teng ba lokileng ba leshome feela. A re: Nke ke ka o felisa ka baka la ba lokileng bao ba leshome.

Hoba a qete ho bua le Abrahama, Morena a ikela. Ha e le Abrahama eena a ikhutlella ha hae.

PESALEMA 102

MORENA O MOSA O LEREKO.

Boka Morena, moea oa ka, ka matla ‘ohle a hau,

u boke lebitso le halalelang la hae.

Boka Morena, moea oa ka,

u se ke ua lebala melemo eohle ea hae.

MORENA O MOSA O LEREKO.

Ke eena ea tšoarelang melato eohle ea hau,

ea folisang maloetse ‘ohle a hau;

o pholosa bophelo ba hau lebitleng,

o u roesa mohau le mosa se-ka-tlokola.

MORENA O MOSA O LEREKO.

Morena o mosa, o lereko,

o lieha ho halefa, o mohau o moholo.

A ke ke a qosa ho-ea-ho-ile,

le khalefo ea hae ha se ea kamehla.

MORENA O MOSA O LEREKO.

Ha a re tšoare kamoo libe tsa rona li lokelang kateng,

ha a re buseletse ho ea ka melato ea rona.

Joaloka ha maholimo a phahametse lefatše,

ka mokhoa o tšoanang mohau oa hae

o moholo ho ba mo tšabang.

MORENA O MOSA O LEREKO.

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (8:18-22)

“Ntatele.”

Ka nako eo, ha Jesu a bona letšoele le mo teetse hare, a laela hore ho tšeleloe ka mose oane. Eaba mongoli e mong o tla ho eena, o re: Moruti, ke tla ea le uena kae le kae moo u eang.

Jesu a araba a re ho eena: Liphokojoe li na mekoti, le linonyana tsa leholimo li na le lihlaha: ha e le Mor’a motho, eena ha a na moo a ka samelang hloho ea hae teng. Joale e mong oa barutuoa ba hae a re ho eena: Morena, ak’u ntumelle ho ea pata ntate pele. Jesu a re ho eena: Ntatele, u lese bafu ba pate bafu ba bona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 28 Phupjane 2025

Read Next

La 1 Phupu 2025

Most Popular