Beke ea 11 har’a selemo
Labobeli
Ho baloa Lengolong la Bobeli la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (8:1-9)
“Kriste o ile a iketsa mofutsana hore lona le ruisoe ke bofutsana ba hae.”
Bana beso! Re le tsebisa mohau oo Molimo a o etselitseng likereke tsa Makedonia. Hobane har’a matšoenyeho a maholo, a li hlahetseng, li ne li ntse li e-na le thabo e kholo, ‘me le hoja li le har’a bofutsana bo boholo, li ntšitse limpho tse ngata.
Kea li paka, hobane li ile tsa fana ka ho rata ha tsona kamoo li bileng le matla kateng, le ho feta matla a tsona. Likereke tsena li re kopile ka phehello e kholo ho li fumantša sebaka sa ho kenya letsoho mosebetsing oa ho thusa bahalaleli. Li bile tsa etsa le ho feta kamoo re neng re lebeletse kateng ‘me tsa inehela ho Morena pele, le ho rona kamorao, ka thato ea Molimo.
Ra rapela Tituse ke hona hore, joaloka ha a se a qalile, a qetelle mosebetsi ona o molemo har’a lona; e le hore joaloka ha le hatetse pele linthong tsohle, tumelong, lipuong, tsebong, chesehong ka mefuta ea eona, le leratong la lona ho rona, le teng le hatele pele le mosebetsing ona oa mohau.
Ha se hore kea le laela ha ke bua joalo, ke mpa ke nonya ‘nete ea lerato la lona ka ho le bolella ka cheseho ea ba bang. Etsoe le tseba lerato la Morena oa rona Jesu Kriste, le kamoo eena, eo e neng e le morui, a ileng a iketsa mofutsana, hore lona le ruisoe ke bofutsana ba hae.
PESALEMA 145
MOEA OA KA, U RORISE MORENA.
Moea oa ka, u rorise Morena
ke tla rorisa Morena
bophelong ba ka bohle,
ke roka Molimo ha ke sa ntse ke phela.
MOEA OA KA, U RORISE MORENA.
Ho lehlohonolo ea thusoang ke Molimo oa Jakobo,
ea tšepileng Morena, Molimo oa hae,
eena ea entseng leholimo le lefatše,
le leoatle le tsohle tse ho tsona;
MOEA OA KA, U RORISE MORENA.
Eena ea nang le botšepehi bo se nang bofelo,
ea ahlolelang ba tlatlaptjoang
‘me ea fang ba lapileng bohobe.
Morena o lokolla batšoaruoa,
Morena o tutubolla mahlo a lifofu.
MOEA OA KA, U RORISE MORENA.
Morena o kobolla ba khokhopaneng,
Morena o rata ba lokileng.
Morena o alosa bajaki,
O phallela khutsana le mohlolohali,
empa ba khopo o ba lahlisa tsela.
MOEA OA KA, U RORISE MORENA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (5:43-48)
“Ratang lira tsa lona.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Le utloile hore ho itsoe: U tla rata oa heno ‘me u hloee sera sa hau. Empa ‘na ke re ho lona: Ratang lira tsa lona, etsetsang ba le hloileng molemo, ‘me le rapelle ba le hlorisang le ba le etselletsang, hore le tle le be bana ba Ntat’a lona ea maholimong, ea chabisetsang ba babe le ba molemo letsatsi la hae, ‘me ea nesetsang ba lokileng le ba sa lokang pula.
Haeba le rata ba le ratang, le ka lebella moputso ofe na? Hleka le bona Bakhafisi ha ba etse joalo na? ‘Me ha le lumelisa bana b’abo lona feela, le feta ba bang ka’ng na? Ana le bona bahedene ha ba etse joalo na?
Ha ho le joalo, le phethehe joaloka ha le Ntat’a lona ea maholimong a phethehile.
