Beke ea 11 har’a selemo
‘Mantaha
Ho baloa Lengolong la Bobeli la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (6:1-10)
“Re iponahatsa re le basebeletsi ba Molimo.”
Bana beso! Re le khothatsa hore le se ke la amohella grasia ea Molimo lefeela. Hobane o itse: Ke u utloile ka nako e tšoanelehang, ka u hlaha thusong letsatsing la pholoho. Ke eo joale nako e tšoanelehang, ke leo he letsatsi la pholoho. Ha re etse khopiso ea letho ho mang kapa mang, esere tšebeletso ea rona ea nyatseha. Empa nthong tsohle, re iponahatsa re le basebeletsi ba Molimo, ka mamello e kholo matšoenyehong, bohloking litlallong, lichapong lichankaneng, meferefereng, mekhathaleng, liphalimehong, boitimong: ka bohloeki, ka tsebo, ka mamello, ka mosa, ka Moea o Halalelang, ka lerato le se nang boiketsiso, ka lentsoe la ‘nete, ka matla a Molimo: re phethetse ka lihlomo tsa toka, ho loana le ho itšireletsa: har’a tlotliso le hlomphollo, botumong bo bobe le bo bottle: re le joaloka bakhelosi, athe re ba ‘nete, joaloka ba sa tsejoeng, athe re ba tsejoang, joaloka ba shoang, empa ke rona bana, rea phela, joaloka ba otloang, empa ha rea bolaoa, joaloka ba hlomohileng, empa re thabile kamehla, joaloka bahloki, athe re ruisa ba bangata, joaloka ba se nang letho, athe re ruile tsohle.
PESALEMA 97
MORENA O BONTŠITSE PHOLOHO EA HAE.
Binelang Morena sefela se secha,
hobane o entse tse tsotehang.
O hlotse ka seatla sa hae,
ka letsoho le halalelang la hae.
MORENA O BONTŠITSE PHOLOHO EA HAE.
Morena o bontšitse pholoho ea hae,
o bonahalitse toka ea hae mahlong a lichaba.
O ikhopolitse mohau le botšepehi ba hae.
Bakeng la ntlo ea Israele.
MORENA O BONTŠITSE PHOLOHO EA HAE.
Liqola tsohle tsa lefatše
li bone pholoho ea Morena oa rona.
Lona mafatše ‘ohle, etsetsang Morena litlatse,
hlasimolohang ke thabo, le mo roke ka lifela.
MORENA O BONTŠITSE PHOLOHO EA HAE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (5:38-42)
“Le se ke la ngangisana le motho e mobe.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Le utloile hore ho ne ho thoe: Leihlo le tla phetetsoa ka leihlo, leino ka leino. Empa ‘na kea le bolella ke re: Le se ke la ngangisana le motho e mobe; ea u jabelang lerameng le letona, u mo retelletse le leng; ea ratang ho u qosa le ho nka seaparo sa hau, mo tlohellele le eona kobo; ‘me ea u qophellang hore u tsamaee le eena mehato e sekete e e-ea le eena e likete li peli. Fa ea u kopang, ‘me u se ke ua furalla ea ratang ho alima ho uena.
