Molula-Setulo oa Komiti ea Boiketlo ba Sechaba Mokhothu Makhalanyane, o re komiti ea habo e tl’o sebetsa ka thata ho bona hore nakong eo ba abelang Lekala la Bophelo chelete, ho tla kenyeletsoa boitlamo ba lekala le mekhoa e tl’o thusa ho inola Basotho tsietsing e bakiloeng ke ho huloa ha lithuso tsa Naha ea Amerika nakong ea matsatsi a 90. Litaba tsena o li boletse puisanong le Koranta ka la 19 Hlakola monongoaha, paramenteng.
O re tebello ea hae e ne e le hore Letona la Lichelete le Nts’etsopele ea Meralo, Dr. Rets’elisitsoe Matlanyane, o tla e ama khakanyong ea lichelete ea 2025/26 empa ha ba tsebe lebaka le entseng hore ebe ha ba re letho ka litaba tseo.
O supile ha litaba tsena e le tsa tlokotsi ‘me naha e lokela ho phatlalatsa moo e teng, le ho itokisetsa nako e tlang e bang mathata a ka ba teng. A re ha joale ketsahalo eo e se e amme Basotho ba 1,500 ho isa ho 3,500 ba lahlehetsoeng mesebetsi, ka hoo bohle ba lokela ho hlakeloa hore na ho tl’o etsahala joang ka polokeho ea bophelo ba sechaba.
Ho feta mona, Moetapele oa Mokha oa Mpulule Political Summit Edwin Sehlabaka, o supile hore ‘Muso oa Lesotho o ne o lokela hore e be o iphatlalalitse ka botlalo hore na o tl’o imolla sechaba joang. O re tebello ea hae likhakanyong tsena tsa lichelete ke hore ebe ‘muso o phatlalalitse mekhoa eo ba tl’o e sebelisa hore Basotho ba ‘ne ba fumane lits’ebeletso tsa bophelo tsa boleng.
Ho ea ka eena chelete e abetsoeng Lekala la Bophelo e nyane ho latela maemo a tlokotsi a ho huloa ha lithuso tsa Naha ea Amerika. A re nakong ena feela batho ba bang ba se ntse ba hloka lits’ebeletso tsa bophelo metseng, kaha ho se bahlabolli leha lits’ebeletso tse ling li ntse li etsahala.
H’a phethela o supile hore litaba tsa bophelo bo botle ba sechaba li lokela ho phamoleloa holimo kaha e le sechaba se sengata se phelang ka litlhare tsa bophelo bohle. O itse ha se patuoe hore Lekala la Bophelo le ile la fana ka ts’epo empa ‘muso o ne o lokela ho iphatlalatsa ka boitlhopho ba bona.
Lekala la Bophelo le abetsoe M3.1 Billione, selemong sa lichelete sa 2025/26, eo morero o moholo oa eona e leng ho ntlafatsa bophelo ba sechaba le phano ea lits’ebeletso le ho theola sekhahla sa mafu a kang phallo ea mali, tsoekere le ntlafalo ea meaho ea Litsi tsa Bophelo.
Ho ntlafatsa basebeletsi ba tsa bophelo metseng ka likoetliso, ho bona hore lits’ebeletso tse fanoang sechabeng e ba tse bolokehileng, le ntlafalo ea lisebelisoa sebakeng sa tlhahlobo ea lefuba ka marang-rang.
