Vinkmag ad

La 31 Pherekhong 2025

Sehopotso sa John Bosco ea Halalelang,Moprista

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Tobite. (8:5-10)

“O re fihlise boqhekung re ntse re khomarelane.”

Mantsiboeeng a letsatsi la lenyalo la bona, Tobiase a rapela, a re: Ho bokoe Molimo oa bo-ntat’a rona, ‘me ho bokoe lebitso la hao kamehla le mehla. Maholimo ‘moho le libopuoa tsohle tsa hau li ke li u boke kamehla eohle.

Ke uena ea bopileng Adama, ke uena oa bopileng le Eva mosali oa hae, hore e tle e be mothusi le motšehetsi oa hae. ‘Me moloko ohle oa batho o hlahile ka bona bobeli.

Ke uena ea itseng: Ha se ntho e ntle hore motho a lule a inotši. A re mo etsetseng mothusi ea tšoanang le eena. Joale ke inketse khaitseli ena ea ka, e le kannete, e seng ka baka la boikhahliso. Ak’u re hauhele rona le eena, ‘me u re fihlise boqhekung, re ntse re khomarelane. Eaba bobeli ba bona ba re: Amen. Amen.

PESALEMA 14

EA LOKILENG O TLA AHA THABENG E HALALELANG EA HAU MORENA.

Morena, ke mang ea ka kenang tlung ea hau,

ke mang ea ka ahang thabeng e halalelang ea hau?

Ke ea sa nyatseheng metsamaong ea hae,

ea etsang tse lokileng,

ea buang ‘nete e tsoang pelong ea hae.

Eo leleme la hae le sa etselletseng,

ea sa etseng oa habo hampe,

ea sa nyefoleng ngoan’abo.

Mahlong a hae ea khopo oa nyeliseha,

empa batho ba tšabang Morena b’a hlompheha.

Ha a alimane ka chelete a lebeletse phaello,

ha a amohele tjotjo ho tsoa ho ea se nang molato.

Ea etsang tsena

a ke ke a oa le khale.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (9:33-37)

“Mang le mang ea amohelang ngoana e monyenyane o amohela ‘na.”

Ka nako eo, barutuoa ba ne ba tsekisana tseleng. Ha ba se ba kene ka tlung, Jesu a ba botsa, a re: Le ne ntse le tsekisana’ng tseleng na? Empa ba thola, hobane tseleng ba ne ba tsekile hore na e moholo har’a bona ke mang.

Hoba a lule fatše, a bitsa ba leshome le metso e ‘meli, a re ho bona: Ha motho a rata ho ba oa pele, e be oa qetello ho bohle le mohlanka oa bohle.

Eaba o nka ngoana, o mo emisa ka hare ho bona; ‘me hoba a mo kope ka matsoho, a re họ bona: Mang le mang ea amohelang ngoana ea joaloka enoa ka baka la ka, o amohela ‘na; ‘me mang le mang ea nkamohelang, ha a amohele ‘na feela empa o amohela ea nthomileng.

Joannes a re ho Jesu: Moruti, re bone e mong ea sa re lateleng a leleka bademone ka lebitso la hao, ‘me ra mo thiba.

Vinkmag ad

Read Previous

La 30 Pherekhong 2025

Read Next

La 1 Hlakola 2025

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular