Beke ea 3 har’a selemo
Labone
Ho baloa Lengolong ho Ba-Heberu. (10:19-25)
“A re atameleng ka pelo ea ‘nete tumelong e phethehileng, re tiisetse tšepong eo re e bolelang, ‘me re thusaneng leratong la boena.”
Bana beso! Re na le tšepo e tiileng ea ho kena sehalalelong ka mali a Kriste. O re phunyelitse tsela e ncha, e phelang, lesireng, ke ho re nameng ea hae. Re na le moprista e moholo ea okametseng ntlo ea Molimo. Ka hona a re atameleng ka pelo ea ‘nete, tumelong e phethehileng, lipelo tsa rona lị hloekisitsoe ‘me re e-na le letsoalo le khutsitseng, ‘mele o hlatsoitsoe ka metsi a hloekileng. A re tiisetseng tšepong eo re e bolelang, re sa thekesele, hobane ea re etselitseng pallo oa tšepahala.
A re hlokomelaneng ‘me re thusaneng leratong la boena le mesebetsing e molemo. Re se ke ra furalla liphutheho tsa rona, joaloka ha ba bang ba tloaetse, empa re khothaletsane, haholo-holo kaha le bona letsatsi la Morena le se le atametse.
PESALEMA 23
O JOALO MOLOKO OA BA BATLANG HO HLAHA PELA HAU MORENA.
Lefatše ke la Morena le tsohle tse ho lona:
lefatše le baahi bohle ba lona.
O n’a le thehe holim’a maoatle,
a le tiisa holim’a maliba.
Ke mang ea ka nyolohelang thabeng ea Morena,
ke mang ea ka emang qalong e halalelang ea hae?
Ke ea se nang mali matsohong,
ea pelo e hloekileng,
Enoa ke eena ea tla fumana mahlohonolo ho Morena,
ea tla ahloleloa ke Molimo, mopholosi oa hae.
O joalo moloko oa ba mo batlang,
oa ba batlang ho hlaha pel’a hau,
uena Molimo oa Jakobo.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (4:21-25)
“Lebone le tlisoa hore le hlongoe sehlomellong sa lona.”
Ka nako eo, Jesu o n’a re ho matšoele: Na lebone le tlisoa hore le behoe tlas’a nkho, kapa tlas’a bethe? Ha se hore le hlongoe sehlomellong sa lona na? Hobane ha ho letho le patiloeng le ke keng la hlahisoa, ‘me ha ho letho le etsoang sephiring le ke keng la pepesoa. Ha motho a e-na le litsebe ho utloa, a ke a utloe.
Hape o n’a re ho bona: Le ke le ele hloko seo le se utloang. Ka tekanyo eo le tla lekanya ka eona, le lona le tla lekanyetsoa ka eona, le be le ekeletsoe. Efela, ea nang le letho o tla fuoa; ‘me ea se nang letho o tla amohuoa le seo a nang le sona.
