Vinkmag ad

La 29 Pherekhong 2025

Beke ea 3 har’a selemo

Laboraro

Ho baloa Lengolong ho Ba-Heberu. (10:11-18)

“O fumantšitse bao a ba halalelitseng phetheho ka bosafeleng.”

Moprista e mong le e mong ka letsatsi le letsatsi o tšoara tšebeletso, ‘me o nyehela hangata mahlabelo a tšoanang, a se nang matla ho hang a ho tlosa sebe. Athe Jesu, hoba a nyehele sehlabelo se le seng ka baka la libe, o ile a ba bophahamong bo lekanang le ba Molimo ka bosafeleng, a nts’a lebeletse hore joale lira tsa hae li etsoe bonamelo ba maoto a hae. Ka ho inyehela hanngoe feela o fumantšitse bao a ba halalelitseng phetheho ka bosafeleng. Moea o Halalelang o re pakela hona: o qala ka ho re: Ke sena selekane seo ke tla se hlaba le bona ka morao ho litšiu tseo, ho rialo Morena: Ke tla kenya melao ea ka ka lipelong tsa bona, ke e ngole ka likelellong tsa bona. Hape o eketsa ka ho re: Ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona leha e le makhopo a bona. Hobane moo libe li seng li ile tsa tšoareloa teng, nyehelo bakeng la sebe, ha e sa hlokahala.

PESALEMA 109

U MOPRISTA KA BOSAFELENG OA MOFUTA OA MELKISEDEKE.

Morena o itse ho Moren’a ka:

Lula ka tsohong la ka le letona,

‘me ke tla etsa lira tsa hau

bonamelo ba maoto a hau.

Morena o tla otlolla

lere la matla a hau a le Sione:

busa har’a lira tsa hau!

Bohosana ke ba hau

ho tloha tsatsing la tsoalo ea hau;

ke u tsoetse pele ho mafube,

lithabeng tse halalelang, u le joaloka phoka.

Morena o ikanne ‘me ha a na ho koeneha:

U moprista ka bosafeleng oa mofuta oa Melkisedeke

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (4:1-20)

“Mojali o n’a tsoile ho ea jala.”

Ka nako eo, Jesu a boela a ruta, a le pel’a leoatle ‘me bongata bo boholo ba bokana ho eena, hoo a bileng a hloella sekepaneng, a lula ho sona leoatleng, ‘me batho bohle ba lula lebopong. O ile a ba ruta tse ngata ka lipapiso, ‘me thutong ea hae o n’a re ho bona:

Mamelang. Mojali o n’a tsoile ho ea jala. Ha a nts’a jala, peo e ‘ngoe ea oela tseleng ‘me linonyana tsa leholimo tsa tla, tsa e-ja kaofela. E ‘ngoe ea oela mokurutloaneng, moo e se nang mobu o mongata, ‘me ea phakisa ho mela, hobane e ne e se na mobu o tebileng. Joale ha letsatsi le chabile, ea e-cha ‘me ea omella, hobane e ne e se na metso. E ‘ngoe ea oela mobung o motle; eona ea mela, ea hola, ea beha: hlaku e ‘ngoe ea beha ha mashome a mararo, e ‘ngoe ha mashome a tšeletseng, e ‘ngoe ha lekholo. ‘Me a re: Ea nang le litsebe ho utloa a ke a utloe!

Ha Jesu a se a le inotši, ba leshome le metso e ‘meli ba neng ba e-na le eena ba ‘motsa papiso eo. A re ho bona: Lona, le filoe ho tseba ‘nete e patehileng ea ‘muso oa Molimo; athe bona ba kantle, ba etsetsoa tsohle ka lipapiso; e le hore ho bona ba bone, empa ba se ke ba bontšisisa, le ho utloa ba utloe empa ba se ke ba utloisisa, e se re mohlomong ba sokoloha ‘me ba tšoareloa.

‘Me a re ho bona: Ana ha le utloisise papiso ee? Ha ho le joalo, le tla utloisisa joang lipapiso tsohle na? Ea jalang o jala lentsoe. Ba tseleng moo lentsoe le jaloang teng, ke bao ereng ha ba se ba le utloile, kapele-pele Satane a tle a tlose lentsoe le jetsoeng lipelong tsa bona.

Ba amohelang peo mokurutloaneng, ke bao ereng ha ba utloile lentsoe, ba phakise ho le amohela ka thabo. Empa ha ho na metso ho bona, ke ba motsotsoana feela; ha ho hlaha matšoenyeho kapa tlhoriso ka baka la lentsoe, ba phakisa ba khoptjoa.

Ba bang ba teng ba amohelang peo meutloeng; ke ba utloang lentsoe, empa lipelaelo tsa lefatše le ho thetsoa ke maruo le litakatso tsa mefuta e meng, ha li kena, li bipetsa lentsoe ‘me le sitoa ho beha tholoana.

‘Me ba amohelang peo mobung o motle, ke ba utloang lentsoe, ba le amohele ‘me ba behe, e mong ha mashome a mararo, e mong ha mashome a tšeletseng, e mong ha lekholo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 28 Pherekhong 2025

Read Next

La 30 Pherekhong 2025

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular