MOKETE OA SteFane ea halalelang, Moshoela-tumelo oa pele
Labone
Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola.(6,8-10;7,54-59)
“Ke bona maholimo a phetlehile.”
Matsatsing ao, Stefane, ea neng a tletse mahlohonolo le matla, a etsa limakatso le mehlolo e meholo har’a sechaba. Ke moo ba bang ba phutheho e bitsoang ea Balokolohi le ea Ba-Kirene le ea Ba-Alexandria, le ba bang ba tsoang Kilikia le Asia, ba ileng ba ikemisetsa ho phehisana khang le Stefane. Empa ba ne ba sitoa ho hanyetsa bohlale le Moea o Halalelang o neng o bua ka eena.
Ha ba utloa tsena, ba tlokoma ke khalefo ka lipelong ‘me ba mo tšikitlanyetsa meno. Ha e le Stefane eena a tletse Moea o Halalelang, a talima leholimong; eaba o bona letlotlo la Molimo, le Jesu a eme ka ho le letona la Molimo. A re: Ke bona maholimo a phetlehile, le Mor’a motho a eme ka ho le letona la Molimo.
Eaba ba peroha, ba ithiba litsebe bohle hammoho ba mo rutlolohela, ba mo hulela ka ntle ho motse, ba mo tlepetsa ka majoe. Lipaki li ne li behile liaparo tsa tsona maotong a mohlankana ea bitsoang Saule. Ha ba ntse ba mo tlepetsa, Stefane o ne a rapela, a re: Morena Jesu, amohela moea oa ka. A ba a khumama, a hooa ka lentsoe le phefa, a re: Morena, se ba behe molato sebe sena. ‘Me hoba a rialo, a ithoballa Moreneng.
Pesalema 30
KE BEHA MOEA OA KA MATSOHONG A HAU, MORENA.
U be lefika leo ke itšireletsang ka lona,
qhobosheane eo ke tla pholoha ho eona.
Efela ke uena lefika la ka le qhobosheane ea ka:
ua ntsamaisa, u bile ua ntataisa
ho tlotlisa lebitso la hau.
Ke beha moea oa ka matsohong a hau;
ke uena ea ntopollang, Morena, Molimo oa ‘nete.
Ha e le ‘na, ke tšepile uena.
Ke tla tlala nyakallo, ke ithabele ka mohau oa hau.
Bontša mohlanka, oa hau sefahleho se elileng,
u mpholose ka mohau oa hau.
U mpate moo uena ka sebele u leng teng,
hole le maqiti a batho.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (10,16-23)
“E ke ke ea e-ba lona ba buang, empa e tla ba Moea oa Ntat’a lona.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Bonang, ke le roma joaloka linku har’a liphiri. Ka baka leo, le be masene joaloka linoha, le hloke mano joaloka maebana-khoroana. Hlokomelang batho; hobane ba tla le nehela makhotleng, ba le shape matlung a thapelo a bona; ‘me le tla isoa ka pele ho babusi le marena ka baka la ka, le tle le be lipaki pel’a bona le pel’a balichaba. Empa, etlare ha ba le nehela ho bona, le se ke la ikhathatsa hore na le tla bua joang kapa le tla re’ng; hobane seo le tla se bua, le tla se nehoa ka eona nako eo, etsoe e ke ke ea e-ba lona ba buang, empa e tla ba Moea oa Ntat’a lona o buang ka ho lona. Motho o tla nehela ngoan’abo lefung, le ntat’a ngoana oa hae; bana ba tla tsohela batsoali matla, ba ba ise lefung. Le tla hlouoa ke bohle ka baka la lebitso la ka, empa ea tla tiisetsa ho isa qetellong, ke eena ea tla pholosoa.
Ha ba le hlorisa motseng ona, balehelang ho o mong. Ruri kea le bolella, le ke ke la qeta metse eohle ea Israele, Mor’a motho a e-s’o tle.
