Sehopotso sa Lucia ea Halalelang, Movirigo le Moshoela-Tumelo
Labohlano
Ho baloa Bukeng ea Bohlale. (3,1-9)
“A ba amohela joaloka sehlabelo sa secheso.”
Meea ea ba lokileng e matsohong a Molimo, ‘me ha ho tlhokofatso e ka ba amang. Mahlong a maoatla e n’e ka ba shoele, ho tsoa ha bona lefatšeng e n’e ka ke bomalimabe, le ho tloha ha bona har’a rona e n’e ka ke timelo, athe bona ba khotsong.
Leha chebong ea batho eka ba fumane kotlo, ba na le tšepo e tiileng ea ho-se-shoe: ka ho mamella kotlo e fokolang, ba tla fumana lehlohonolo le leholo, hobane Molimo o ba nontse, ‘me a fumana ba mo tšoanela.
A ba tšeka joaloka gauda seboping, a ba amohela joaloka sehlabelo sa secheso. Mohla a ba etelang ba tla phatšima se ka litlhase li aparetse litlhaka; ba tla ahlola lichaba, ba rene holim’a merabe, Morena eena o tla ba busa kamehla.
Ba mo tšepileng ba tla utloisisa ‘nete, ba ileng ba tšepahala ho eena ba khomarele ho eena ka lerato, hobane mohau le lereko ke tsa bakhethuoa ba hae.
PESALEMA 30
KE BEHA MOEA OA KA MATSOHONG A HAU, MORENA.
Morena u be lefika leo ke itšireletsang ka lona,
qhobosheane eo ke tla pholoha ho eona.
Efela ke uena lefika la ka le qhobosheane ea ka;
u’a ntsamaisa, u bile u’a ntataisa
ho tlotlisa lebitso la hau.
Ke beha moea oa ka matsohong a hau:
ke uena ea ntopollang, Morena, Molimo oa ‘nete.
Ha e le ‘na, ke tšepile uena.
Ke tla tlala nyakallo, ke ithabele ka mohau oa hau.
Bontša mohlanka oa hau sefahleho se elileng,
u mpholose ka mohau oa hau.
U pata ba tšabelang ho uena
moo uena ka sebele u leng teng,
hole le maqiti a batho.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (10,34-39)
“Ha kea tlisa khotso, empa sabole.”
Ka nako eo, Jesu a re ho baapostola ba hae: Se nahaneng hore ke tlisitse khotso lefatšeng: ha kea tlisa khotso, empa sabole. Efela ke tlile ho fapanya motho le ntat’ae, morali le ‘m’ae, ngoetsi le matsal’a eona; ‘me lira tsa motho e tla ba ba lelapa labo.
Ea ratang ntat’ae le ‘m’ae ho mpheta ha a ntšoanele; ea ratang mora kapa morali ho mpheta ha a ntšoanele. Ea sa nkeng sefapano sa hae, a ntšala morao, ha a ntšoanele. Ea fumaneng bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela; athe ea lahlehetsoeng ke bophelo ba hae ka baka la ka o tla bo fumana.
