Vinkmag ad

La 28 Pulungoana 2024

Beke ea 34 har’a selemo

Labone

Ho baloa Bukeng ea Tšenolo. (18,1-2.21-23;19,1-3.9)

“O oele, motse o moholo oa Babilone.”

‘Na Joannes, ka bona lenyeloi le leng le theoha leholimong, le na le matla a maholo; ‘me lefatše la bonesoa ke khanya ea lona. La hooa ka lentsoe le phefa, la re: O oele, O oele, motse o moholo oa Babilone: O fetohile moaho oa bademone, letšaba la meea eohle e litšila, le letšaba la linonyana tsohle tse litšila, tse ilehang.

Eaba lenyeloi le leng le matla le nka lejoe le kang leloala le leholo, la le lahlela leoatleng, la re: Ke ka sekhahla se joalo, Babilone, motse ola o moholo, o tlang ho lahloa, ‘me ha o sa tla hlola o fumanoa.

Ho uena ha ho sa tla utloahala melumo ea ba letsang liharepa le lithomo, liphala le literompeta. Ho uena ha ho sa tla fumanoa litsebi tsa mosebetsi ofe kapa ofe. Ho uena molumo oa leloala ha o sa tla utloahala.

Leseli la lebone ha le sa tla khanya ho uena. Lentsoe la monyali le la monyaluoa ha le sa tla utloahala ho uena. Hobane bahoebi ba hau e ne e le marena a lefatše lohle ‘me lichaba tsohle li khelositsoe ke boloi ba hau.

Kamor’a tseo ka utloa leholimong ho kang mohoo o moholo oa matšoele a mangata a reng: Alleluia! Pholoho, letlotlo le matla ke tsa Molimo oa rona. Likahlolo tsa hae li na le ‘nete ‘me li lokile. O ahlotse seotsoa se seholo se bolisitseng lefatše ka bootsoa ba sona; o phetelitse mali a bahlanka ba hae a tšolotsoeng ka matsoho a sona.

Matšoele ao a eketsa, a re Alleluia! Mosi oa motse oo o chang o nyoloha kamehla le mehla.

Eaba lenyeloi le re ho ‘na: Ngola sena: Ho lehlohonolo ba memetsoeng moketeng oa lenyalo la Konyana.

PESALEMA 99

HO LEHLOHONOLO BA MEMETSOENG MOKETENG OA LENYALO LA KONYANA.

Etsetsang Morena litlatse,

lona mafatše ‘ohle,

tloong pel’a hae ka mehoo ea thabo,

sebeletsang Morena ka nyakallo.

Tsebang hore Morena ke eena Molimo,

ke eena ea re entseng ‘me re ba hae:

re sechaba sa hae

le mohlape oa makhulo a hae.

Kenang menyakong ea hae ka teboho,

le mabaleng a hae ka lithoko;

mo leboheng,

le boke lebitso la hae.

Morena o molemo, mohau oa hae ke o sa feleng,

‘nete ea hae ke ea kamehla le mehla.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (21,20-28)

“Jerusalema e tla hatakeloa ke balichaba, ho fihlela nako ea lichaba e phethahetse.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Etlare ha le bona Jerusalema e teetsoe hare ke makhotla, mohlang oo le tsebe hore tšenyo ea eona e atametse. Ka nako eo, ba leng Judea ba balehele lithabeng; ba leng motseng ba tsoe ho oona, ‘me ba leng naheng ba se ka ba kena ho oona. Hobane e tla ba matsatsi a phetetso ao ka ‘ona tsohle tse ngotsoeng li tla phethahala.

Ho malimabe baimana le ba anyesang ka matsatsi  ao! Ho tla ba teng tsietsi e tšabehang lefatšeng le khalefo ho sechaba sena. Batho ba tla bolaoa ka sabole, ba bang ba isoe kholehong lichabeng tsohle; ‘me Jerusalema e tla hatakeloa ke balichaba, ho fihlela nako ea lichaba e phethahetse.

Lipontšo li tla ba teng letsatsing, khoeling le linaleling. Lefatšeng, lichaba li tla ba matsoalong, li tsielehile ka baka la molumo oa leoatle le oa maqhubu. Batho ba tla shoa ke tšabo le ke tebello ea tse tla oela lefatše holimo, hobane matla a maholimo a tla sisinyeha. ‘Me ke moo ho tla bonoa Mor’a motho a e-tla a le ka lerung, ka matla le ka khanya e kholo. Ha tseo li qala ho etsahala raohang le phahamise lihloho tsa lona, hobane topollo ea lona e haufi.

Vinkmag ad

Read Previous

La 27 Pulungoana 2024

Read Next

La 29 Pulungoana 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular