Vinkmag ad

Baphatlalatsi ba ithuta tsa maliboho

Lefaphala la Setsi sa Pokello ea Lekhetho (RSL) le laolang ho kena le ho tsoa ha thepa lelibohong la Maseru, le re thepa e tsoang le ho kena malibohong e ntse e tsamaea hantle selemong sena, kaha sekhahla sa lits’ebeletso se hlahisa basebelisi ba lits’ebeletso tsena ba khotsofetse. Litaba tsena li hlaheletse boithutong bo neng bo ts’oaretsoe baphatlalatsi ba litaba, ka la 16 Loetse monongoaha.

Mookameli Lefapheng la Thepa Lelibohong la Maseru Reentseng Mosaase, o itse hore ho bonahala Basotho ba le sechele ho fana ka maikutlo le ho sebelisa sethala sa sekhahla sa lits’ebeletso ho bonts’a mokhoa oa phano ea lits’ebeletso tseo ba li fumaneng lelibohong le ho fana ka linomoro tse fosahetseng.

O re ba tsebe hore bo teng ba sekhahla seo sa lits’ebeletso le ho hlahisa maikutlo ka lits’ebeletso ho thusa naha ho sebeletsa sechaba ka nepo, ho ntlafatsa phano ea lits’ebeletso le hore mosebetsi o ba nolofalle malibohong.

A tsoelapele hore ho latela mokhoa oa bona oa ts’ebetso ke litlaleho tse fokolang tse bonts’ang ba sa sebetse hantle hobane ha ba fumane maikutlo a sechaba hore na ba fumane lits’ebeletso tse joang empa leha ho le joalo ba etsa moralo oa ho etsa ts’alo-morao ho sechaba hore ba tsebe ho fihlela tharollo ea moshoelella.

A re qholotso e kholo ke litlankana tsa ts’ebetso (Tax Invoice) hobane Basotho ba lumela hore li sebetsa lelibohong ha feela li fihlela lipehelo. O re ho bohlokoa hore bohle ba hlahise litlankana tse joalo e le hore ba tle ba fumane lits’ebeletso le ho lefa M250.00 le thepa e fumants’oe setempe.

A re ho na le mehato e nkoang moo e bang basebelisi ba lits’ebeletso tsena ha ba ikobele molao le ho fana ka tse hlokoang ho tsamaisa le ho kenya thepa kantle le kahare ho naha. A ipiletsa ho Basotho ho lefa lekhetho molemong oa kholo ea naha le sechaba sa habo bona.

A re RSL e ikemiselitse ka hohle ho fana ka lits’ebeletso tse tsoileng matsoho ho sechaba sohle, haholo tse fanoang malibohong ho baleha har’a tse ling mela e metelele, ho bolokela bahoebi nako hore lithepa li fete ka litsela tse nepahetseng. O re e bang Basotho ba ka elelloa bohlokoa ba sena, ho ka thusa Naha ea Lesotho ho ntlafala hobane chelete e bokelloang malibohong ke ea sechaba.

E mong oa baphatlalatsi ba bileng boithutong bona Mosa Maoeng, o hlalositse hore ba ithutile tsela eo thepa e kenang ka eona kahar’a naha, ka hona ba bone ho le bohlokoa hore mafapha a amehang malibohong a fane ka thuto sechabeng hore kutluisiso e be teng haholo mokhoa oa ho tsoa le ho kena ha thepa. A re pelaelo ea hae ke hore ka linako tse ling liphoso li etsoa hobane batho ba se na litsebo tse phethahetseng ho seo ba se hlokoang.

A re boithuto bona bo ba butse mahlo e le baphatlalatsi hore ha ba bua ka litaba tse ling ba bue hantle ka ntho eo ba e tsebang le ho fana ka thuto sechabeng ka seo ba se utloisisang.

Vinkmag ad

Read Previous

La 20 Loetse 2024

Read Next

21 Loetse 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular