Vinkmag ad

La 19 Loetse 2024

Beke ea 24 har’a selemo

Labone

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (15,1-11)

“Re ruta joalo, ‘me re lumetse joalo.”

Bana beso! Ke le hopotsa molaetsa oa taba tse monate oo ke le boleletseng oona, oo le o amohetseng, oo le tiileng ho oona, ‘me oo le tla pholoha ka oona, ha le o boloka ka mokhoa oo ke le rutileng ka oona. Ho seng joalo, e tla ba le lumetse lefeela.

Pele ho tsohle, ke le nehelelitse seo le ‘na ke se amohetseng: ke hore Kriste o shoele ka baka la libe tsa rona, ka ho ea ka Mangolo; le hore o ile a patoa, a ba a tsoha bafung ka letsatsi la boraro, ka ho ea ka Mangolo; le hore o ile a iponahatsa ho Kefase, hamorao ho ba leshome le motso o mong.

A nt’o iponahatsa, ka nako e le ‘ngoe, ho baena ba fetang makholo a mahlano, bao ba bangata ba bona ba ntseng ba phela le kajeno, leha ba bang ba ithobaletse. A nt’o iponahatsa ho Jakobo, hamorao ho baapostola bohle. ‘Me qetellong, ka morao ho bohle, a iponahatsa le ho ‘na, ea joaloka ea rakileng linako tsa hae.

Hobane ‘na ke e monyenyane har’a baapostola; ke bile ke ea sa tšoaneleng ho bitsoa moapostola, hobane nkile ka hlorisa Kereke ea Molimo. Empa seo ke leng sona ke sona ka mohau oa Molimo, ‘me mohau oa hae ho ‘na ha oa ka oa e-ba lefeela. Ke sebelitse ho feta bona bohle, e seng ‘na empa e leng mohau oa Molimo o ho ‘na. ‘Me leha e le ‘na kapa bona, re ruta joalo ‘me re lumetse joalo.

PESALEMA 117 (1-2.16-17.28. R. 1)

BOKANG MORENA, HOBANE O MOLEMO.

Bokang Morena, hobane o molemo,

mohau oa hae ke o sa feleng.

Ntlo ea Israele e ke e re:

mohau oa hae ke o sa feleng.

Letsoho la Morena le sebelitse ka matla,

letsoho la Morena le mphahamisitse.

Ha ke na ho shoa, empa ke tla phela,

ke be ke lokolise mesebetsi ea Morena.

Ke uena Molimo oa ka, kea u boka:

Molimo oa ka, kea u phafa.

Bokang Morena, hobane o molemo,

mohau oa hae ke o sa feleng.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (7,36-50)

“Libe tsa hae, leha li le ngata hakalo, o li tšoaretsoe, hobane o bontšitse lerato le leholo.”

Ka nako eo, e mong oa Bafarisi a kopa Jesu ho tla ja le eena. A tla ka tlung ea mofarisi eo ‘me a lula lijong. Ha fihla mosali e mong, eo e neng e le moetsalibe motseng.

Eitse hoba a utloe hore Jesu o lutse lijong ka tlung ea Mofarisi, a tla le pitsana ea setlolo. A ema kamorao, maotong a Jesu, a ntse a lla, ‘me a qala ho kolobisa maoto a hae ka meokho ea hae: a ba a a hlakola ka moriri oa hlooho ea hae, a aka ‘me a a tlotsa ka setlolo.

Mofarisi eo ea neng a mo memile, ha a bona hoo, a re ka pelong ea hae: Hoja enoa e ne e le moprofeta, a ka be a tseba ruri hore na mosali eo ea mo amang ke ea joang; a ka be a tseba hore ke moetsalibe. Jesu a qala ho bua, a re ho eena: Simone, ke na le seo ke ratang ho u bolella sona. Eena a re: Ak’u bue, Moruti.

Batho ba babeli ba ne be kolota motho: e mong o n’a mo kolota lidenare tse makholo a mahlano, e mong tse mashome a mahlano. Erekaha ba ne ba se na seo ba ka busetsang ka sona, a ba lesella molato, bobeli ba bona. Ha ho le joalo, ke ofe oa bona ea tla mo rata ho feta na? Simone a araba, a re: Ke lekanya hore ke eo a mo lebaletseng molato o fetang. Jesu a re ho eena: U nepile.

Eaba o retelehela ho mosali ‘me o re ho Simone: Ua ‘mona, mosali eo na? Ke kene ka tlung ea hao, ‘me ha ua ka oa ntlhatsoa maoto ka metsi: athe eena o kolobisitse maoto a ka ka meokho ‘me o a hlakotse ka moriri oa hae. Ha ua ka ua nkaka: athe eena, ha e sa le ke kene, ha a ka a phetsa ho aka maoto a ka. Ha ua ka ua ntlotsa hlooho ka oli: athe eena o tlotsitse maoto a ka ka setlolo. Ka baka leo ke re ho uena: Libe tsa hae, leha li le ngata hakalo, o li tšoaretsoe, hobane o bontšitse lerato le leholo. Empa ea tšoareloang hanyenyane o bontša lerato le lenyenyane. A nt’o re ho mosali : U tšoaretsoe llbe tsa hao.

Bamemuoa ba bang ba qala ho re ka pelong: Enoa ke mang, ea tšoarelang esita le libe? Joale Jesu a re ho mosali: Tumelo ea hao e u pholositse; tsamaea ka khotso.

Vinkmag ad

Read Previous

La 18 Loetse 2024

Read Next

La 20 Loetse 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular