Vinkmag ad

Ba tšehetseng ha ba anyesa

Ngoana ho tloha a hlahile o lokela ho qalella ho anyesoa hobane taba eo e mo thusa ho ba lesea le koenneng hantle. Tsena li hlaheletse ketelong ea Letsatsi la Lefatše la Kanyeso ea Bana, ka la 16 Phato monongoaha.

Ngaka e kholo Seterekeng sa Maseru Dr. Ishmael Makhele, o supile hore ketekelo ena e bohlokoa kaha e hopotse bohle ho khutlela metheo; ho kopanya matsoho hore ngoana Mosotho a fumane phepo e ntle, hape lebese la letsoele le bohlokoa haholo kholisong ea ngoana, ka hona seo se tla thusa ho bopa sechaba se phetseng hantle sa kamoso. A re batsoetse ba banyenyane ba khothaletsoe ho anyesa bana ka tsela e nepahetseng.

Maphepo e Moholo Seterekeng sa Maseru Keneuoe Ntoanyane, o itse ba ntse ba kopana le qholotso litabeng tsa kanyeso ea masea, haholo ea ho potlakela ho fa bana lijo pele likhoeli tse ts’eletseng li fela. O itse kanyeso ke kentelo ea pele ea ngoana, hobane ngoana ea antseng ha se kamehla a hlaseloang ke mafu. A re le bo-‘m’e ba anyesang ba una molemo, kaha e fokotsa monyetla oa mafu a masapo, mofetše oa popelo le oa masapo.

A ipiletsa ho bo-ntate ho tšehetsa basali kaha ba sa hloke khatello ea maikutlo, le ho Basotho ho khutlela mekhoeng ea khale ea ho hloma lehlaka, hore ngoana a anyesoe nako e lekaneng.

A re ba ntse e-s’o fihlele seo ba se batlang khanyeso kaha bokakachelana bo itlhahisa nakong ea lilemo tse peli bo sa theohe ho latela lipalo-palo, ‘me bona ka selemo sa 2009 e ne e le 39 %, ka sa 2014 ea e-ba 33% ha  monongoaha e le 36%. Ka hona a re ba tlo potoloha le metse ho fana thuto sechabeng.

A re ka selemo sa 2009 boemo ba kanyeso e ne e le 54%, ka sa 2014 ea e-ba 67% ‘me ha joale ke 61%. O re ho lokela ho kenngoe tšebetsong molao o thibelang thekiso ea mabese a makotikoti, empa a rekisetsoe feela motho ea nang le tlhoko e joalo ‘me a e-na le bopaki ba ngaka.

Rethabile Lefela lebitsong la banna, o re o motlotlo hore molekane oa hae o ntse a anyesa, hobane lebese la ‘ma le na le matsoai le maro a tlholeho a thusang lesea ho hola ka nepo.

E mong oa bo-ntate Tšotetsi Makhaba, o bontšitse ha taba ea ho anyesa e le bohlokoa, ka hona bo-ntate ba etse bonnete ba hore ba tšehetsa balekane ba bona. A re ho anyesa ho boela ho theka litšenyehelo tsa ho reka lebese le sa hlokahaleng.

Moemelo oa Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO) Mary Stephens, o itse kanyeso e bohlokoa hobane e matlafatsa ngoana le ho mo thusa ho ba le bophelo bo botle; joaloka matsoai a hlokoang ke ‘mele. A tsoelapele ho bonts’a hore lesea le ka anyesoa nako ea likhoeli tse tšeletseng, ‘me lebese la ‘ma le le thusa khahlanong le mafu a bana, le boetse le phahamisa kopano lipakeng tsa motsoali le ngoana hape le thibela mofetše le ho tlhotla lefura la ‘ma kamor’a botsoetse. A re ha se hantle hore bana ba be le boima bo boholo ho feta tekanyo.

Mokhethoa oa Thaba-Bosiu, Issac Malebaleba o khothalelitse batsoali ho anyesa bana likhoeli tse tšeletseng molemong oa bophelo bo botle.

Morena oa Sehlooho oa Thaba-Bosiu Khoabane Theko, o re ba il’o susumetsa hore ho etsoe molao o tlamang batho ho anyesa bana, e le hore moetsoetse e mong le e mong ea sa anyeseng ho fihlela likhoeli tse ts’eletseng a nkeloe likhato tsa molao. A re bohle ba nkele taba ea khanyeso holimo hobane e ama bokamoso ba naha, hobane ha e ka etsoa ka mokhoa o nepahetseng e ka tsoalla naha litholoana tse hlabosehang.

‘Makamohelo Semoli ho tsoa Lekaleng la Temo, Kanetso ea Lijo le Phepo e nepahetseng, Lefapheng la Phepo e nepahetseng, Mesebetsi ea Matsoho le ntlafalo ea Malapa, o supile hore letsatsi lena le re hopotsa bohlokoa ba kanyeso ea lesea kaha ke ntho ea bohlokoa, ke moo motheo oa bophelo ba motho bo qalang teng.

A re lekala la habo le tsoile lets’olo ho fana ka thuto sechabeng mabapi le kanyeso le phepo e ntlafetseng. A ipiletsa ho bohle ho tšoarana ka matsoho ho netefatsa hore ngoana e mong le e mong o fumana kanyeso ka nepo, ka hoo ba kene lihlopha tsa phepo e nephetseng motseng le ntlafalo ea malapa.

O tšepisitse hore Mohalenyana Nutrition Club e tla khahlametsoa ka mochini o thusang ho qhotsisa likhoho hobane ke sehlopha se ileng sa sebetsa ka thata kamor’a hore ba fuoe likhoho, ba qalella ho qhotsitsa Mahe. A khothaletsa bohle ho hlahisa lijo malapeng e le hore masea a tle a fuoe lijo tse tla thusa ‘mele ea ona hohola hantle.

Mongoli e Moholo oa Lekala la Bophelo ‘Maneo Ntene, o re khoeli ena ba tšoaea beke ea kanyeso e qalileng ka la 7-11 Phato monongoaha, ka hona o sireletsa le ho khothaletsa kanyeso le ho fihlela meoloane ea ntšetsoepele ea moshoelella. A re batsoetse ba thakeloe ka malebela a ka atlehisang kanyeso, ka hona Litsi tse Ikemetseng le tsona li fane ka thuto.

A re qholotso e teng mabapi le kanyeso ke bofuma bo susumetsang basali ho sia bana ba le banyenyane ba il’o sebetsa kantle ho naha. o itse WHO e ba behetse ho fihlela 50%, ‘me ho latela boemo ha ba e-s’o khotsofale hobane ba ipehetse 80%.

Mohoo oa selemo sena ke; “Koala sekheo tšehetsa bo-‘m’e bohle ho anyesa masea.”

Vinkmag ad

Read Previous

La 19 Phato 2024

Read Next

La 20 Phato 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular