Vinkmag ad

La 8 Phato 2024

Beke ea 18 har’a selemo

Sehopotso sa Dominic, Moprista

Labone

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Jeremia. (31,31-34)

“Ke tla hlaba selekane se secha; ha ke sa tla hopola libe tsa bona.”

Ke sena seo Morena Molimo a se bolelang: Matsatsi aa tla, ao ka ‘ona ke tlang ho hlaba selekane se secha le ntlo ea Israele le ntlo ea Juda. Ha se tl’o tšoana le selekane seo ke ileng ka se hlaba le bo-ntat’a bona moholo, mohla ke ileng ka ba tšoara ka letsoho ho ba ntsa lefatšeng la Egepeta. Selekane seo sa ka se ne se rojoe ke bona, leha ‘na ke ne ke le mong’a bona, ho rialo Morena.

Ke sena selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ea Israele, matsatsing a tlang, ho rialo Morena: ke tla ba Molimo oa bona, bona e be sechaba sa ka.

Ha ba sa tla hloka ho rutana, motho h’a sa tla ruta ngoan’abo ho tseba Morena. Empa batho ba tla ntseba kaofela, ho qala ka e monyenyane ho isa ho e moholo, ho rialo Morena; hobane ke tla ba tšoarela bokhopo ba bona, ‘me ha ke sa tla hopola libe tsa bona.

PESALEMA 50 (12-15.18-19. R. 12)

MPOPELE PELO E HLOEKILENG, OHO MOLIMO.

Mpopele pelo e hloekileng, oho Molimo,

nchafatsa ka ho ‘na moea o tiileng.

U se ntahlele hole le sefahleho sa hau,

u se nkamohe Moea o Halalelang oa hau.

U mpuseletse thabo ea pholoho ea hau,

ke tle ke tšehetsoe ke moea o motle.

Ba fosang ke tla ba ruta litsela tsa hao,

baetsalibe ba tla khutlela ho uena.

Hobane ha u khahloe ke sehlabelo,

leha nka u nyehela secheso, u ke ke ua se amohela,

Sehlabelo ho Molimo ke moea o robehileng;

pelo e robehileng, e matetetso,

uena Molimo, ha u e khese.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (16,13-23) 

“U Peterosi, ke tla u neha linotlolo tsa ‘muso oa maholimo.”

Ka nako eo, eitse ha Jesu a fihlile naheng ea Kaisaria-Filipi, a botsa barutuoa ba hae, a re: Ana batho ba re Mor’a motho ke mang? Ba mo araba, ba re: Ba bang ba re u Joannes Mohlatsoi, ba bang Elia, ba bang Jeremia kapa e mong oa baprofeta.

Jesu a re ho bona: Empa lona le re ke mang na? Simone Peterosi a araba, a re: U Kriste, Mora oa Molimo ea phelang. Jesu a fetola a re ho eena: U lehlohonolo, Simone, mor’a Jona, hobane ha se motho oa nama le mali ea u senoletseng hona, empa ke Ntate ea maholimong. Me ‘na ke re ho uena: U Peterosi ‘me holim’a letlapa lena ke tla aha Kereke ea ka, ‘me ilkhoro tsa lihele li ke ke tsa e hlola. Ke tla be ke u nehe linotlolo tsa ‘muso oa maholimo; hohle hoo u tla ho tlama lefatšeng ho tla tlangoa le maholimong, ‘me hohle hoo u tla ho lokolla lefatšeng ho tla lokolloa le maholimong

Joale a laela barutuoa ba hae hore ba se bolelle motho hoba ke eena Kriste.

Ho tloha moo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuoa ho hae hore e ka khona a ee Jerusalema, ‘me a utloisoe mahloko a mangata ke baholo, baprista ba baholo le bangoli a be a bolaoe, ‘me a tsohe ka letsatsi la boraro.

Eaba Peterosi o mo nkela thoko, a qala ho mo khalemela a re: Molimo a u thuse, Morena! U se ke na hlaheloa ke ntho e joalo! Empa Jesu a reteleha, a re ho Peterosi: Tloha pel’a ka, Satane, ua ntsitisa; hobane ha u hopole tsa Molimo, empa u hopola tsa batho.

Vinkmag ad

Read Previous

La 7 Phato 2024

Read Next

La 9 Phato 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular