Vinkmag ad

La 18 Phupjane 2024

Beke ea 11 har’a selemo

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Pele ea Likhosi. (21,17-29)

“U huletse Israele sebeng.”

Kamor’a lefu la Nabothe, lentsoe la Morena la fihlela Elia oa Thishbe, la re: Tsa m’o iteanya le Akhabe, khosi ea Israele, e Samaria. O tšimong ea morara ea Nabothe, eo a theohetseng ho eona ho inkela eona. U tl’u re ho eena: Ke sena seo Morena a se bolelang: U bolaile motho, joale u batla ho inkela tšimo ea hae. U tl’u eketse, u re ho eena: Ke sena seo Morena a se bolelang: Moo lintja li nyeketseng mali a Nabothe teng, lintja li tla nyekela le a hao mali hona teng.

Akhabe a re ho Elia: U boetse u nkhaolelitse, uena sera sa ka! Elia a araba, a re: E, ke u khaolelitse, hobane u ikabetse ho etsa ho leng hobe mahlong a Morena. Joale ke tla u lihela bomalimabe, ke u hlakole, ke timetse Israeleng bohle ba batona ba ntlo ea Akhabe, leha e le makhoba kapa ba lokolohileng.

Ke tla etsa hore ntlo ea hao e tšoane le ntlo ea Jeroboame, mor’a Nebate, le ntlo ea Baasha, mor’a Akija, hobane u nkhalefisitse ka ho hulela Israele sebeng. Le ka Jezebele Morena o itse: Lintja li tla jella Jezebele pel’a lerako la motse oa Jezereele. Ba ntlo ea Akhabe ba tla shoela motseng, ba tla jeoa ke lintja; ba tla shoella naheng ba tla jeoa ke linonyana tsa leholimo.

Ha hoa ka ha e-ba le ea mong ea ikabetseng ho etsa ho leng hobe mahlong a Morena joaloka ha Akhabe a ile a etsa ka tšusumetso ea Jezebele, mosali oa hae. A etsa ntho tse tšabehang ka ho latela melimo e litšila; a etsisa ba-Amore ka ho tlala, bao Morena a ileng a ba leleka pel’a bana ba Israele.

Eare ha Akhabe a utloa tsena, a tabola liaparo tsa hae, a apara tse mahoashe a li beha nameng feela, a itima lijo, a robala a nts’a apere tseo tse mahoashe, a tsamaea butle a khokhoba.

Eaba lentsoe la Morena, le fihlela Elia oa Thishbe, le re: Na ekaba u bone kamoo Akhabe a ikokobelitseg pel’a ka kateng? Ere ka ha a ikokobelitse pel’a ka ha ke na ho lihela bomalimabe ha a ntse phela. Empa ke tla lihela ntlo ea hae bomalimabe mehleng ea mor’a hae.

PESALEMA 50 (3-4.5-6.11 le 16. R. 3)

U RE HAUHELE, MORENA, HOBANE RE U SITETSOE.

Nkhauhele, oho Molimo, ka lerato la hao;

ka baka la boholo ba mehauhelo ea hao

u hlakole melato ea ka.

Ntlhatsoe, u ntlhatsoisise phoso ea ka,

u ntlhoekise sebe sa ka.

Hobane ke ipona molato,

‘me sebe sa ka ke sitoa ho se lebala.

Ke entse sebe, ke sitetsoe uena u inotši,

ke entse ho leng hobe mahlong a hao.

Thintša mahlo, u se shebe libe tsa ka,

u hlakole liphoso tsohle tsa ka.

Mphemise lefu, Morena Molimo, mopholosi oa ka,

‘me ke tla tumisa toka ea hao.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus (6,43-48)

“Ratang lira tsa lona.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Le utloile hore ho itsoe: U tla rata oa heno ‘me u hloee sera sa hao. Empa ‘na ke re ho lona: Ratang lira tsa lona, etsetsang ba le hloileng molemo, ‘me le rapelle ba le hlorisang le ba le etselletsang, hore le tle le be bana ba Ntat’a lona ea maholimong, ea chabisetsang ba babe le ba molemo letsatsi la hae, ‘me ea nesetsang ba lokileng le ba sa lokang pula.

Haeba le rata ba le ratang, le ka lebella moputso ofe na? Hleka le bona bakhafisi ha ba etse joalo na? ‘Me ha le lumelisa bana b’abo lona feela, le feta ba bang ka’ng na? Ana le bona bahedene ha ba etse joalo na?

Ha ho le joalo, le phethehe joaloka ha le Ntata lona ea maholimong a phethehile.

Vinkmag ad

Read Previous

La 17 Phupjane 2024

Read Next

La 19 Phupjane 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular