Beke ea 6 ea Paseka
Labone
MOKETE OA NYOLOHELO EA MORENA
Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (1,1-11)
“Ba ‘mona a nyoloha.”
Bukeng ea ka ea pele, oho Theofile, ke buile ka tsohle tseo Jesu a ileng a li etsa, a ba a li ruta, ho tloha khaleng, ho fihlela letsatsing leo a ileng a nkeloa leholimong ka lona, hoba a nehe baapostola, bao a neng a ba khethe, litaelo tsa hae ka Moea o Halalelang. Kamor’a lefu la hae o na iponahatse ho bona a phela, ka mapaki a mangata; a itlhahisa ho bona ka matsatsi a mashome a mane, a ntse a bua le bona ka tsa ‘muso oa Molimo.
Ha a n’a le lijong le bona, a ba laela hore ba se ke ba tloha Jerusalema. Le mpe le emele teng pallo ea Ntate, eo le e utloileng molomong oa ka, a rialo. Joannes o n’a hlatsoa ka metsi, athe lona le tla hlatsuoa ka Moea o Halalelang, ka morao ho matsatsi a seng makae.
Ba neng ba phuthehetse teng ba ‘motsa ba re: Morena, na ke nakong ea joale u tlang ho tsosa borena ba Israele na? A re ho bona: Ha se taba ea lona ho tseba mehla le linako tseo Ntate a li behileng ka matla a hae. Empa le tla amohela matla a Moea o Halalelang o tla theohela ho lona, ‘me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, Judea eohle le Samaria, ho fihlela pheletsong tsa lefatše.
‘Me eare hoba a rialo, ba ‘mona a nyoloha, ‘me leru la mo pata mahlong a bona. Eare ba sa talimile holimo, ha a nts’a nyoloha, banna ba babeli ba apereng liaparo tse tšoeu ba ema pel’a bona, ba re: Banna ba Galilea, le emetse’ng le ntse le shebile holimo? Jesu enoa ea nketsoeng leholimong, a tloha har’a lona, o tla tla joalo, ka mokhoa oo le ‘moneng a nyolohela leholimong ka oona.
PESALEMA 46 (2-3.6-9. R. 6)
MOLIMO O NYOLOHA HARA LITLATSE,
MORENA HARA MELETSO EA LITEROMPETA.
Opang liatla, lona lichaba tsohle,
etsetsang Molimo litlatse le mehoo ea thabo.
Hobane Morena ea holimo-limo oa tšabeha;
ke eena khosi e kholo ea lefatše lohle.
Molimo o nyoloha har’a litlatse,
Morena har’a meletso ea literompeta.
Binelang Molimo oa rona, ‘mineleng;
binelang Morena oa rona, ‘mineleng.
Hobane Molimo ke khosi ea lefatše lohle;
‘mineleng ka bokheleke bohle,
Morena o rena holim’a lichaba,
Molimo o lutse teroneng e halalelang ea hae.
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Efese. (1,17-23)
“Molimo o behile Kriste bophahamong bo lekanang le ba hae leholimong.”
Bana beso! Molimo oa Morena oa rona Jesu Kriste, Ntat’a letlotlo, a ke a le nehe moea oa bohlale le oa kutloisiso ea tse senotsoeng, le tle le mo tsebisise. A khantšetse mahlo a moea oa lona, le tle le tsebe na ke e joang tšepo eo le e bilelitsoeng, ke a joang maruo a letlotlo la lefa la hae ho bahalelali ‘me ke bo bokaakang boholo ba matla a hae ka ho rona ba lumetseng.
Ke eona tšebetso ea matla a maholo, a hae, eo a sebelitseng ka eona ho Kriste ha a mo tsosa bafung le ha a ‘meha bophahamong bo lekanang le ba hae leholimong, ka holimo ho Lihlooho le ho Balaeli, ho Matla le ho Baokameli, le ho lebitso lefe kapa lefe le ka bitsoang, e seng lefatšeng lena feela, empa le ho le tlang.
O behile tsohle ka tlas’a maoto a hae, ‘me o mo entse hlooho ea Kereke eohle, e leng ‘mele oa hae, o mo fang phetheho, eena ea phethahatsang tsohle.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (16,15-20)
“Jesu a nkeloa leholimong, moo a leng bophahamong bo lekanang le ba Molimo.”
Ka nako eo, Jesu a iponahatsa ho ba leshome le motso o mong, ‘me a re ho bona: E-eang ka lefatše lohle, le phatlalletse libopuoa tsohle molaetsa oa taba tse monate. Ea tla lumela a be a hlatsuoe, o tla pholoha; athe ea sa tl’o lumela o tla tsuoa. Ke tsena he lipontšo tse tla felehetsa ba lumelang: ka lebitso la ka ba tla leleka bademone, ba bue lipuo tse ncha, ba tšoare linoha ka letsoho: leha ba ka noa chefo, e ke ke ea ba etsa letho. Ba tla beha bakuli matsoho ‘me ba tla fola.
Eitse hoba Jesu a bue le bona, a nkeloa leholimong, moo a leng bophahamong bo lekanang le ba Molimo. Ha e le bona, ba ea ruta kahohle, Morena a nts’a sebetsa le bona, a tiisa lentsoe ka lipontšo tse neng li le felehetsa.
