Vinkmag ad

La 4 Motšeanong 2024

Beke ea 5 ea Paseka

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (16,1-10)

“Ak’u fetele Makedonia, u tle ho re thusa.”

Matsatsing ao, Paulosi a fihla Derbe le Listra. Morutuoa e mong o n’a le teng moo, ea bitsoang Timothi, ngoana oa mosali oa Mojodi, oa molumeli, empa ntat’ae e le Mogereke. O n’a pakeloa ke baena ba Listra le ba Ikonia ka bopaki bo botle. Paulosi a rata hore a tsamaee le eena leetong la hae. Ka hoo a ‘molotsa, ka baka la Bajodi ba neng ba ahile libakeng tseo; hobane bohle ba ne ba tseba hore ntat’ae ke Mogereke.

Ha ba ntse ba tsamaea le metse, ba ne ba tsebisa bohle tse laetsoeng ke baapostola le baholo ba Jerusalema, ba ba khothaletsa ho li boloka. Liphutheho li ne li matlafala tumelong, ‘me li ngatafala ka matsatsi ‘ohle.

Ha ba feta har’a Frigia le Naheng ea Galatia, ba ile ba haneloa ke Moea o Halalelang hore ba rute Lentsoe la Molimo Asia. Ha ba fihla Misia, ba leka ho ea Bithinia; empa Moea oa Jesu ha oa ka oa ba lumella. Hoba ba fete har’a Misia ba theohela Troase.

Bosiu bo bong Paulosi a bona pono. Monna e mong oa Makedonia o n’a eme pel’a hae, a mo rapela, a re: Ak’u fetele Makedonia, u tle ho re thusa. Eitse hoba Paulosi a bone pono eo, hang ra phakisa ra batla mokhoa oo re ka eang Makedonia ka oona, ka ho tseba ruri hore Molimo o re bilelitse ho isa Molaetsa oa taba tse molemo ho batho ba teng.

PESALEMA 99 (1-3.5. R. 1)

ETSETSANG MOLIMO LITLATSE, LONA MAFATšE ‘OHLE.

Etsetsang Morena litlatse,

lona mafatše ‘ohle.

tloong pel’a hae ka mehoo ea thabo,

sebeletsang Morena ka nyakallo.

Tsebang hore Morena ke eena Molimo,

ke eena ea re entseng ‘me re ba hae:

re sechaba sa hae

le mohlape oa makhulo a hae.

Mo leboheng,

le boke lebitso la hae.

Morena o molemo, mohau oa hae ke o sa feleng,

‘nete ea hae ke ea kamehla le mehla.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (15,18-21)

“Ha le ba lefatše, ‘me ke le khethile ho lefatše.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ha e le mona lefatše le le hloile, tsebang hore le ile la ntlhoea pele ho lona. Hoja le ba lefatše, lefatše le ka be le rata seo e leng sa lona: athe ka baka la hobane ha le ba lefatše, ‘me ke le khethile ho lefatše, lefatše le le hloile ke hona.

Hopolang lentsoe leo ke le boleletseng lona: Mohlanka ha a moholo ho mong’a hae. Ha ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba boloka lentsoe la ka, le la lona ba tla le boloka. Empa ba tla le etsa tsena tsona ka baka la lebitso la ka, hobane ha ba tsebe ea nthomileng.

Vinkmag ad

Read Previous

La 3 Motšeanong 2024

Read Next

La 6 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular