Vinkmag ad

La 14 Tlhakubele 2024

Beke ea 4 ea Karisima

Labone

Ho baloa Bukeng ea Exoda. (32, 7-14)

“U fetole morero oa hao oa ho otla sechaba sa hao.”

Matsatsing ao, Morena a re ho Moshe: Phakisa u theohe thabeng, sechaba sa hao, seo u se ntšitseng naheng ea Egepeta, se fositse. Batho ba hao ba khelohile kapele tseleng eo ke neng ke ba rutile eona. Ba qhibilihisitse tšepe ho bopa namane, eo ba itihetseng fats’e ka pele ho eona. Ba e nyehetse mahlabelo ba ntse ba re: Israele, Molimo oa hao ea u nt’sitseng naheng ea Egepeta ke eo!

Morena a boela a re ho Moshe: Ke bona hore sechaba sena ke sa batho ba hlooho li thata. Joale ak’u ntlohele ke ba bontše khalefo ea ka e tlokomang, ‘me ke ba timetse. Ha e le uena, ke tla u etsa sechaba se seholo.

Empa Moshe a leka ho phoka bohale ba Morena Molimo oa hae, a re: Morena, ke’ng ha u tlokoma ke khalefo ka baka la sechaba sa hao, seo u neng u se ntše naheng ea Egepeta, ka matla a maholo le ka letsoho le boima? Na u ka lumella hore Ba-Egepeta ba tsohe, ba re: O ba ntšitse ka masene hore a ba bolaele lithabeng le ho ba timetsa lefatšeng? Kokobetsa khalefo e tukang ea hao, u fetole morero oa hao oa ho otla sechaba sa hao.

Ak’u hopole Abrahama, Isaaka le Israele, bahlanka ba hao, bao u neng u ba hlapanyetse ka uena, ua re: Ke tla atisa litloholo tsa lona, li be ngata joaloka linaleli tsa leholimo, ‘me naha ena eohle eo ke buileng ka eona, ke tla e neha lesika la lona, ‘me e tla ba lefa la lona ka mehla.

Eaba Morena o fetola morero oa hae oa ho otla sechaba sa hae, seo a neng a se soketse.

PESALEMA 105 (19-23. R. 4)

U RE HOPOLE, MORENA, HA U BONTS’A LERATO LA HAO HO SECHABA SA HAO.

Ba iketsetsa namane Horebe,

ba itihela fats’e ka pel’a sets’oants’o sa tšepe.

Ba furalla tlotla ea bona,

ba retelehela setšoantšong

sa khomo e fulang joang.

Ba lebala Molimo ea ba pholositseng,

ea entseng tse kholo Egepeta,

tse tsotehang naheng ea Hame,

 le limakatso Leoatleng le Lefubelu.

Ha a re oa ba timetsa,

Moshe, mokhethuoa oa hae, a ema lipakeng,

a phoka khalefo ea hae,

hore ba se felisoe.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes (5,31-47)

“O teng ea tla le qosa: Ke Moshe eo le mo tšepileng.”

Ka nako eo, Jesu a re ho Bajudi: Ha ho ipaka ‘na, bopaki ba ka ha se ba ‘nete. Empa o teng e mong ea mpakang, ‘me ke tseba hore bopaki boo a mpakang ka bona ke ba ‘nete. Lona le ile la romela ho Joannes, ‘me a paka ‘nete. Ha se hore ke hloka bopaki ba motho, empa ke bolela tsena hore le pholohe. Joannes e ne e le lebone le tukang ‘me le khanyang; ‘me la rata ho thabela leseli la hae nako e seng kae.

Ha e le ‘na, ke na le bopaki bo fetang ba Joannes, hobane mesebetsi eo Ntate a ‘nehileng hore ke e phethe, eona mesebetsi eo ke e etsang, ke eona e mpakang hore Ntate o nthomme.

Le eena Ntate ea nthomileng o mpakile ka sebele sa hae. Feela ha lea ka la utloa lentsoe la hae le ka mohla, leha e le ho bona sefahleho sa hae. Ka hoo ha le na lentsoe la hae le lulang ka ho lona, hobane ha le lumele ho eo a mo romileng. Le fatisisa Mangolo, hobane le hopola hore le na le bophelo bo sa feleng ka ho ‘ona. Le ‘ona a nts’a mpaka; leha ho le joalo ha le rate ho tla ho ‘na hore le tle le be le bophelo.

Ha ke ipatlele tlotliso e tsoang ho batho. Empa kea le tseba: ke tseba hore lerato la Molimo ha le eo ho lona. Ke tlile lebitsong la Ntate, empa ha le nkamohele; ha e mong a ka tla lebitsong e leng la hae, eena le tla mo amohela. Le ka lumela joang, lona ba tlotlisanang, le sa batle tlotliso e tsoang ho Molimo a inotši?

Le se ke la hopola hore e tla ba ‘na ea tla le qosa ho Ntate. O teng ea tla le qosa: ke Moshe eo le mo tšepileng. Hobane hoja le lumetse ho Moshe, le ka be le lumetse le ho ‘na, hobane o ngotse ka ‘na. Empa ekare ha le sa lumele seo a se ngotseng, le ka lumela lipolelo tsa ka joang na?

Vinkmag ad

Read Previous

La 13 Tlhakubele 2024

Read Next

La 15 Tlhakubele 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular