Vinkmag ad

La 19 Tlhakubele 2024

Beke ea 5 ea Karisima

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Lipalo.  (21,4-9)

“Mang kapa mang ea lonngoeng, ea tla e talima, o tla phela.”

Matsatsing ao, Ba-Heberu ba tloha thabeng ea Hore ka tsela ea Leoatle le Lefubelu, hore ba tle ba pote naha ea Edomo kathoko. Tseleng, sechaba sa fela pelo, ‘me sa bua hampe ka Molimo le ka Moshe, sa re: Le re ntšelitse’ng Egepeta hore re tl’o shoella moo feelleng, mona, ha ho bohobe, ha ho metsi, ebile re tennoe ke sejo se sa tsebisahaleng.

Eaba Morena o romela sechabeng linoha tse mahloko a chesang; tsa loma batho, ‘me ha e-shoa ba bangata sechabeng sa Israele. Ke ha sechaba se e-tla ho Moshe, se re: Re entse sebe ka ho bua hampe ka Molimo le ka uena. Rapela Morena hore a tlose linoha tsena ho rona. Moshe a rapella sechaba.

Eaba Morena o re ho Moshe: Etsa noha e mahloko a chesang, u e fanyehe palong. Mang kapa mang ea lonngoeng, ea tla e talima, o tla phela. Moshe a etsa noha ka koporo, a e fanyeha palong. E ne e ee ere ha motho a lonngoe ke noha, ‘me a talima noha ea koporo, o n’a ee a phele.

PESALEMA 101 (2-3.16-21. R. 2)

MORENA, AK’U MAMELE THAPELO EA KA ‘ME MOHOO OA KA O KE O FIHLE HO UENA.

Morena, ak’u mamele thapelo ea ka,

‘me mohoo oa ka o ke o fihle ho uena.

U se ke ua mpatela sefahleho sa hao,

tsatsing la matšoenyeho.

Le tsona lichaba li tla hlompha lebitso la Morena,

likhosi tsohle tsa lefatše letlotlo la hao;

O tla retelehela ho ba se nang letho,

ha ba mo rapela, a ke ke a khesa thapelo ea bona.

Tsena li ke li ngolloe moloko o tlang,

e le hore sechaba se tla tsoaloa se rorise Morena.

Morena o sheba a le qalong e phahameng ea hae,

o talimile lefatše a le maholimong,

hore a tle a utloe poboli ea motlamuoa,

a lokolle ba ahloletsoeng lefu.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes  (8,21-30)

“Hoba le phahamisetse Mor’a motho holimo, e be hona le tsebang hore ke ‘na Ea-leng-teng.”

Ka nako eo, Jesu a re ho Bafarisi: Kea tsamaea, ‘me le tla mpatla, empa le tla shoela sebeng sa lona. Moo ke eang teng, lona le sitoa ho ea. Eaba Bajodi ba re: Na e be o tla ipolaea ha e le moo a re: Moo ke eang teng, lona le sitoa ho ea na?

Jesu a re ho bona: Lona le ba koano, ‘na ke oa leholimong. Lona le ba lefatše lena, ‘na ha ke oa lefatše lena. Ke ka hona ke le boleletseng hore le tla shoela libeng tsa lona: Ha le fela le sa lumele hore Ke Ea-leng-teng le tla shoela libeng tsa lona.

Eaba ba re ho eena: Ke uena mang? Jesu a re ho bona: Ke hlile ke seo e sa leng ke le bolella hore ke sona. Ke na le tse ngata tseo nka li bolelang, le tseo nka li nyatsang ho lona. Empa ea nthomileng o na le ‘nete, seo ke se utloileng ho eena, ke seo ke se bolellang lefatšeng.

Ha ba ka ba utloisisa hore ha a re Ntat’ae o n’a bolela Molimo. Ke ha Jesu a re ho bona: Etlare hoba le phahamisetse Mor’a Motho holimo, e be hona le tsebang hore ke ‘na, Ea-Leng-Teng, le hore ha ke etse letho ka bonna, ke mpa ke bolela seo Ntate a nthutileng sona, ea nthomileng o na le ‘na, ‘me ha a ntlohela ke inotši, hobane tse mo khahlisang ke li etsa ka mehla. Ha a bolela tsena, ba bangata ba ile ba lumela ho eena.

Vinkmag ad

Read Previous

La 18 Tlhakubele 2024

Read Next

La 20 Tlhakubele 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular