Vinkmag ad

La 6 Tlhakubele 2024

Beke ea 3 ea Karisima

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Deuteronoma. (4, 1.5-9)

 “Mamelang melao le meetlo.”

Moshe a bua le sechaba, a re: Joale he, lona bana ba Israele mamelang melao le meetlo eo ke le rutang eona hore le e phethe, le tle le phele ‘me le kene naheng eo Morena, Molimo oa bo-ntat’a lona a le nehang eona hore e be ea lona.

Bonang, ke le rutile melao le meetlo, kamoo Morena, Molimo oa ka, a ntaetseng kateng hore le tle le li phethe naheng eo le tla kena ho eona ho e rua. Li bolokeng, le li phethe, hobane li tla etsa hore le be le bohlale le kutloisiso mahlong a lichaba. Tsona, ha li utloa melao ena kaofela, li tla re: Sechaba sena se seholo, ruri ke sechaba se hlalefileng, se nang le kutloisiso.

Na ho ka ba le sechaba se seng se seholo hakaalo, seo melimo ea sona e ka bang haufi le sona, joaloka ha Morena Molimo oa rona a le haufi le rona ka mehla ha re mo bitsa?

Na ho ka ba le sechaba se seng se seholo hakaalo se nang le melao le meetlo e lokileng, joaloka Molao ona oohle, oo ke o behang pel’a lona kajeno?

Feela, u itlhokomele haholo esere ua lebala seo mahlo a hao a se boneng, se se ke sa tsoa pelong ea hao matsatsing ‘ohle a bophelo ba hao. Hape, u se rute bana ba hao le bana ba bana ba hao.

PESALEMA 147 (12-13.15-16.19-20. R. 12)

TLOTLISA MORENA, JERUSALEMA.

Tlotlisa Morena, uena Jerusalema,

rorisa Molimo oa hao, uena Sione.

O tiisitse mekoallo ea menyako ea hao,

o hlohonolofalitse bana

ba hao ba phelang ka ho uena.     

 

O romela litaelo tsa hae lefatšeng,

molaetsa oa hae o matha ka potlako.

O khethehisa lehloa, le tšoane le boea,

o etsa hore serame se lale, se tšoane le molora.

O senoletse Jakobo lipallo tsa hae,

O nehile Israele litaelo le likahlolo tsa hae.

Ha ho sechaba se seng

seo a kileng a se etsetsa joalo,

a se senolela likahlolo tsa hae.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus (5, 17-19)

“Ea tla e phetha le ho e ruta, eena o tla bitsoa e moholo.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Se hopoleng hore ke tlile ho felisa molao kapa baprofeta; ha kea tla ho felisa empa ho phethahatsa. Efela ka ‘nete, ke re ho lona, ho fihlela leholimo le lefatše li feta, ha ho hlaku leha e le letšoao le tla tlosoa molaong, tsohle li e s’o phethahale.

Ka baka leo, ea tla tlola leha o le mong feela oa melao ena e menyenyane ‘me ea tla ruta batho ho etsa joalo, o tla bitsoa e monyenyane ‘musong oa maholimo; anthe ea tla e phetha le ho e ruta, eena o tla bitsoa e moholo ‘musong oa maholimo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 5 Tlhakubele 2024

Read Next

La 7 Tlhakubele 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular